LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 8
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 1 Samuele

      • Baiseraele ba batla morena (1-9)

      • Samuele o lemosa batho (10-18)

      • Jehova o dumella Baiseraele ho ba le morena (19-22)

1 Samuele 8:2

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 6:28

1 Samuele 8:3

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 18:21
  • +Ex 23:8; De 16:19; Pes. 15:5; Pr 29:4
  • +De 24:17

1 Samuele 8:5

Mangolo a Dithupiso

  • +De 17:14, 15; 1Sa 12:13; Dik 13:21

1 Samuele 8:6

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “e ne e le ntho e mpe mahlong a.”

1 Samuele 8:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 8:23; 1Sa 10:19; 12:12; Esa 33:22

1 Samuele 8:8

Mangolo a Dithupiso

  • +De 9:24
  • +Bhl 2:19

1 Samuele 8:11

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 10:25
  • +1Sa 14:52
  • +1Ma 9:22; 10:26
  • +1Ma 4:26

1 Samuele 8:12

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 18:1; 1Kr 27:1
  • +2Ma 1:14
  • +1Kr 27:26
  • +1Ma 4:7
  • +1Ma 4:26

1 Samuele 8:13

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ba etsang dinkgisamonate.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 4:22

1 Samuele 8:14

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 27:28, 31

1 Samuele 8:16

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 5:15, 16

1 Samuele 8:17

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 4:22, 23

1 Samuele 8:18

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 12:3, 4

1 Samuele 8:22

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 8:7; Hos 13:11

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

1 Sam. 8:21Kr 6:28
1 Sam. 8:3Ex 18:21
1 Sam. 8:3Ex 23:8; De 16:19; Pes. 15:5; Pr 29:4
1 Sam. 8:3De 24:17
1 Sam. 8:5De 17:14, 15; 1Sa 12:13; Dik 13:21
1 Sam. 8:7Bhl 8:23; 1Sa 10:19; 12:12; Esa 33:22
1 Sam. 8:8De 9:24
1 Sam. 8:8Bhl 2:19
1 Sam. 8:111Sa 10:25
1 Sam. 8:111Sa 14:52
1 Sam. 8:111Ma 9:22; 10:26
1 Sam. 8:111Ma 4:26
1 Sam. 8:122Sa 18:1; 1Kr 27:1
1 Sam. 8:122Ma 1:14
1 Sam. 8:121Kr 27:26
1 Sam. 8:121Ma 4:7
1 Sam. 8:121Ma 4:26
1 Sam. 8:131Ma 4:22
1 Sam. 8:141Kr 27:28, 31
1 Sam. 8:161Ma 5:15, 16
1 Sam. 8:171Ma 4:22, 23
1 Sam. 8:181Ma 12:3, 4
1 Sam. 8:221Sa 8:7; Hos 13:11
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Samuele 8:1-22

Buka ya Pele ya Samuele

8 Ha Samuele a se a tsofetse, o ile a kgetha bara ba hae hore e be baahlodi ba Iseraele. 2 Lebitso la mora wa hae wa pele e ne e le Joele mme lebitso la wa bobedi e le Abija.+ E ne e le baahlodi Beersheba. 3 Empa bara ba hae ha ba a ka ba latela mohlala wa hae. Ba ne ba fumana tjhelete ka bolotsana,+ ba amohela tjotjo+ ba bile ba sa ahlole ka toka.+

4 Ka mora nako, baholo bohle ba Iseraele ba phutheha mme ba tla ho Samuele Rama. 5 Ba re ho yena: “Bona, o se o tsofetse empa bara ba hao ha ba latele mohlala wa hao. Jwale re kgethele morena eo e tla ba moahlodi wa rona jwalo ka ditjhaba tse ding tsohle.”+ 6 Empa Samuele ha a ka a thabela* ho utlwa ha ba re: “Re fe morena eo e tla ba moahlodi wa rona.” Yaba Samuele o rapela Jehova 7 mme Jehova a re ho Samuele: “Mamela ntho e nngwe le e nngwe eo setjhaba seo se o bolellang yona hobane ha se a lahla wena empa se lahlile nna hore ke se ke ka ba morena wa sona.+ 8 Ntho eo ba e etsang e tshwana hantle le eo ba ileng ba e etsa ho tloha letsatsing leo ke neng ke ba ntsha Egepeta ka lona ho tla fihlela letsatsing lena. Ba dula ba ntlohela+ mme ba sebeletsa medimo e meng+ mme ke seo ba se etsang ho wena. 9 Jwale ba mamele. Le ha ho le jwalo, o ba lemose ka thata ka ditlamorao tsa taba eo. O ba bolelle hore na morena ya tla ba busa o tla ba le tokelo ya ho ba batla dintho dife.”

10 Ka hoo, Samuele a bolella batho ba neng ba mo kopa hore a ba fe morena sohle seo Jehova a se buileng. 11 A re: “Dintho tsena ke tseo morena ya tla le busa a tla ba le tokelo ya ho di batla ho lona:+ O tla nka bara ba lona,+ a ba palamise dikariking tsa hae+ mme a ba etse banna ba hae ba palamang dipere.+ Ba bang ba tla matha ka pela dikariki tsa hae. 12 O tla ikgethela balaodi ba ba dikete+ le balaodi ba ba mashome a mahlano.+ Ba bang ba tla lema masimo a hae+ ba be ba a kotule+ mme ba tla etsa dibetsa tsa hae tsa ntwa le dithulusi tsa dikariki tsa hae.+ 13 O tla nka baradi ba lona hore e be ba tswakang ditlolo,* ba phehang le ba bakang mahobe.+ 14 O tla nka masimo a lona le dirapa tsa lona tsa morara tse ntlehadi ha mmoho le meru ya lona ya mohlwaare+ mme a di fe bahlanka ba hae. 15 O tla nka karolo ya leshome ya dijo tsa lona tse kotutsweng masimong le ya dirapa tsa lona tsa morara mme a e fe balaodi ba hae ba lekgotla le bahlanka ba hae. 16 O tla nka makgoba a lona a banna le a basadi, dikgomo tsa lona tse ntle ka ho fetisisa le ditonki tsa lona mme a di sebedisetse mosebetsi wa hae.+ 17 O tla nka karolo ya leshome mehlapeng ya lona ya dinku le dipodi+ mme le tla ba bahlanka ba hae. 18 Ka letsatsi le leng le tla hweletsa ho Modimo ka lebaka la morena eo le ikgethetseng yena+ empa Jehova a ke ke a le araba letsatsing leo.”

19 Le ha ho le jwalo, setjhaba sa hana ho mamela Samuele mme sa re: “Ha ho na taba, re batla morena ya tla re busa. 20 Jwale le rona re tla tshwana le ditjhaba tse ding tsohle mme morena wa rona o tla re ahlola, a re etelle pele a be a re lwanele ho dira tsa rona.” 21 Ha Samuele a qeta ho utlwa mantswe ohle a setjhaba, a a bolella Jehova. 22 Jehova a re ho Samuele: “Ba mamele mme o kgethe morena ya tla ba busa.”+ Yaba Samuele o re ho banna ba Iseraele: “Kaofela ha lona kgutlelang metseng ya habo lona.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share