LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 10
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 1 Samuele

      • Saule o tlotswa hore e be morena (1-16)

      • Saule o tsebiswa batho (17-27)

1 Samuele 10:1

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “lefa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 16:13; 2Ma 9:2, 3
  • +1Sa 9:16; Dik 13:21
  • +Ex 19:5; De 32:9

1 Samuele 10:2

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 35:19
  • +1Sa 9:3, 5

1 Samuele 10:3

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 28:19, 22

1 Samuele 10:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 11:25
  • +1Sa 10:10

1 Samuele 10:7

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dipontsho.”

1 Samuele 10:8

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 7:15, 16; 11:14

1 Samuele 10:10

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 14:5, 6; 1Sa 11:6; 16:13
  • +1Sa 10:6; 19:23

1 Samuele 10:12

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 19:24

1 Samuele 10:14

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 9:3

1 Samuele 10:17

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 7:5

1 Samuele 10:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 13:14; De 4:34

1 Samuele 10:19

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “maloko.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 8:7; 12:12

1 Samuele 10:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 7:16-18; Dik 1:24
  • +1Sa 9:21

1 Samuele 10:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Dik 13:21

1 Samuele 10:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 1:1; 20:18, 28; 1Sa 23:2

1 Samuele 10:23

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 9:2

1 Samuele 10:24

Mangolo a Dithupiso

  • +De 17:14, 15; 1Sa 9:17

1 Samuele 10:25

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 8:11-18

1 Samuele 10:27

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Empa o ne a tshwana le motho ya sa kgoneng ho bua.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 11:12
  • +1Ma 10:1, 10; 2Kr 17:5

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

1 Sam. 10:11Sa 16:13; 2Ma 9:2, 3
1 Sam. 10:11Sa 9:16; Dik 13:21
1 Sam. 10:1Ex 19:5; De 32:9
1 Sam. 10:2Ge 35:19
1 Sam. 10:21Sa 9:3, 5
1 Sam. 10:3Ge 28:19, 22
1 Sam. 10:6Nu 11:25
1 Sam. 10:61Sa 10:10
1 Sam. 10:81Sa 7:15, 16; 11:14
1 Sam. 10:10Bhl 14:5, 6; 1Sa 11:6; 16:13
1 Sam. 10:101Sa 10:6; 19:23
1 Sam. 10:121Sa 19:24
1 Sam. 10:141Sa 9:3
1 Sam. 10:171Sa 7:5
1 Sam. 10:18Ex 13:14; De 4:34
1 Sam. 10:191Sa 8:7; 12:12
1 Sam. 10:20Jos 7:16-18; Dik 1:24
1 Sam. 10:201Sa 9:21
1 Sam. 10:21Dik 13:21
1 Sam. 10:22Bhl 1:1; 20:18, 28; 1Sa 23:2
1 Sam. 10:231Sa 9:2
1 Sam. 10:24De 17:14, 15; 1Sa 9:17
1 Sam. 10:251Sa 8:11-18
1 Sam. 10:271Sa 11:12
1 Sam. 10:271Ma 10:1, 10; 2Kr 17:5
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Samuele 10:1-27

Buka ya Pele ya Samuele

10 Samuele a nka botlolo ya oli mme a tshela Saule hloohong+ ka yona. A mo suna mme a re: “Jehova o o tlotsitse hore o be moetapele+ wa batho* ba hae.+ 2 Ha o tloha ho nna kajeno, o tla fumana banna ba babedi haufi le lebitla la Ragele+ naheng ya Benjamine e Zelza mme ba tla re ho wena, ‘Ditonki tseo o neng o yo di batla di fumanwe empa jwale ntate wa hao ha a sa tshwenyehile ka ditonki+ empa o tshwenyehile ka wena. O ntse a re: “Ke etseng hore ke fumane mora wa ka?”’ 3 O fetele pele ho tloha moo ho fihlela o fihla sefateng se seholo sa Tabore. O tla kopana le banna ba bararo moo, ba yang ho Modimo wa nnete Bethele.+ E mong o tla be a nkile dipotsanyane tse tharo, e mong a nkile dilofo tsa bohobe tse tharo mme e mong a nkile jeke e kgolo ya veine. 4 Ba tla o botsa hore na o ntse o ya jwang mme ba o fe mahobe a mabedi. O amohele mahobe ao. 5 Ka mora moo, o ye leralleng la Modimo wa nnete, setsing sa masole a Bafilista. Ha o kena motseng, o tla kopana le sehlopha sa baprofeta se theoha sebakeng se phahameng mme ka pela sona ho tla be ho ntse ho letswa seletsa se nang le dikgwele, moropa o monyenyane, lekodilo le harepa ha se ntse se profeta. 6 Moya wa Jehova o tla o fa matla+ mme o tla profeta le bona. Ho tla ba jwalo ka ha eka o fetohile motho e mong.+ 7 Ha dintho* tsena kaofela di phethahala, o etse sohle seo o ka kgonang ho se etsa hobane Modimo wa nnete o na le wena. 8 Ka mora moo, o theohele Gilgale+ pele ho nna mme ke tla theohela ho wena moo ho tla nehela mahlabelo a setjheso le mahlabelo a kopanetsweng. O eme moo matsatsi a supileng ho fihlela ke tla ho wena mme ke tla o bolella hore na o etseng.”

9 Hang ha Saule a furalla a tloha ho Samuele, Modimo a fetola pelo ya hae mme dintho tsena tsohle tsa phethahala letsatsing lona leo. 10 Ka hoo, ba tloha moo ba ya leralleng mme sehlopha sa baprofeta sa kopana le yena. Hanghang moya wa Modimo wa mo fa matla+ yaba o qala ho profeta+ le bona. 11 Ha batho bohle ba neng ba mo tseba ba bona a profeta le baprofeta, ba botsana ba re: “Ho etsahetseng ka mora wa Kishe? Na Saule le yena ke e mong wa baprofeta?” 12 Yaba monna e mong o re: “Empa bontate ba baprofeta ba bang ke bomang?” Ka hoo, ya eba polelo ya maele e reng: “Na Saule le yena ke e mong wa baprofeta?”+

13 Ha a qetile ho profeta a ya sebakeng se phahameng. 14 Ha morao ngwanabo ntate wa Saule a re ho yena le mohlanka wa hae: “Le tswa hokae?” Yaba o re: “Re tswa batla ditonki+ empa ha re a ka ra di fumana yaba re ya ho Samuele.” 15 Ngwanabo ntate wa Saule a botsa a re: “Ke kopa o mpolelle hore na Samuele o itseng ho lona.” 16 Saule a re ho yena: “O re boleletse hore ditonki di se di fumanwe.” Empa Saule ha a ka a mo bolella seo Samuele a se buileng ka taba ya borena.

17 Yaba Samuele o bokella batho ho Jehova Mizpa+ 18 mme a re ho Baiseraele: “Jehova Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke nna ya ntshitseng Baiseraele Egepeta le ya ileng a le pholosa ho Baegepeta+ le ho mebuso yohle e neng e le hateletse. 19 Empa kajeno le lahlile Modimo+ wa lona eo e neng e le Mopholosi wa lona mathateng ohle a lona le mahlomoleng ohle a lona mme la re: “Re kgethele morena ya tla re busa.” Jwale emang ka pela Jehova ka maloko a lona le ka dikete* tsa lona.’”

20 Samuele a re maloko ohle a Iseraele a atamele+ yaba ho kgethwa leloko la Benjamine.+ 21 A re leloko la Benjamine le atamele ka malapa a lona mme lelapa la ha Bamateri la kgethwa. Qetellong Saule mora wa Kishe a kgethwa.+ Empa ha ba ne ba yo mo batla, ha ba a ka ba mo fumana. 22 Ka hoo, ba botsa Jehova ba re:+ “Na monna eo o se a tlile moo?” Yaba Jehova o re: “Ke yane o ipatile hara thoto.” 23 Jwale ba matha mme ba mo tlosa moo. Ha a ema hara batho, o ne a le molelele ho ba feta kaofela. Ba ne ba mo fihla mahetleng.+ 24 Samuele a re ho setjhaba sohle: “Na le bona eo Jehova a mo kgethileng?+ Ha ho na ya tshwanang le yena hara batho bohle.” Setjhaba sohle sa hweletsa sa re: “Morena a ke a phele!”

25 Samuele a bua le setjhaba ka dintho tseo marena+ a nang le tokelo ya ho di fuwa yaba o di ngola bukeng mme a e beha ka pela Jehova. Ka mora moo, Samuele a re batho bohle ba tsamaye, e mong le e mong a ye ntlong ya hae. 26 Saule le yena a ya habo Gibea, a tsamaya le banna ba matla bao Jehova a neng a amme dipelo tsa bona. 27 Empa banna ba bang ba se nang thuso ba re: “Motho eo o tla re pholosa jwang?”+ Ka hoo, ba mo nyatsa mme ba se ke ba mo tlisetsa mpho le ha e le efe.+ Empa ha a ka a re letho ka taba eo.*

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share