Buka ya Pele ya Samuele
18 Hang ha Davida a qetile ho bua le Saule, Jonathane+ le Davida ya eba metswalle e haufiufi* mme Jonathane a mo rata jwalo ka ha a ithata.+ 2 Ho tloha letsatsing leo, Saule a nka Davida hore a mo sebeletse mme ha a ka a mo dumella hore a kgutlele ntlong ya ntate wa hae.+ 3 Jonathane le Davida ba etsa tumellano*+ ya ho ba metswalle hobane o ne a mo rata jwalo ka ha a ithata.+ 4 Jonathane a hlobola seaparo se se nang matsoho seo a neng a se apere mme a se fa Davida ha mmoho le diaparo tsa hae tsa ntwa, sabole ya hae, seqha sa hae le lebanta la hae. 5 Davida a qala ho ya dintweng mme hohle moo Saule a neng a mo romela teng, o ne a atleha.*+ Ka hoo, Saule a mo beha hore a okamele banna ba ntwa+ mme taba ena ya thabisa batho bohle ha mmoho le bahlanka ba Saule.
6 Ha Davida le ba bang ba kgutla ba tswa bolaya Bafilista, basadi ba ne ba tswa metseng yohle ya Iseraele ba bina+ mme ba tantsha, ba kgahlanyetsa morena Saule ka meropa e menyenyane+ le ka dilute, ba thabile. 7 Basadi ba neng ba keteka ba ne ba bina ba re:
“Saule o bolaile ba dikete,
Davida o bolaile ba dikete tse mashome.”+
8 Saule a halefa haholo.+ O ne a sa rate pina ena. O ile a re: “Ba re Davida o bolaile ba dikete tse mashome empa nna ba re ke bolaile ba dikete. Ho setse feela hore ba mo etse morena.”+ 9 Ho tloha letsatsing leo, Saule o ne a dula a shebile Davida ka ho mo belaella.
10 Letsatsing le hlahlamang moya o mobe o tswang ho Modimo wa tla ho Saule+ mme a qala ho etsa dintho tse sa tlwaelehang* ka tlung ya hae. Davida yena o ne a ntse a letsa mmino ka harepa+ jwalo ka ha a ne a tlwaetse. Saule o ne a tshwere lerumo.+ 11 Saule a betsa Davida ka lerumo+ habedi, a re ka pelong: ‘Ke tla hlabella Davida leboteng.’ Empa Davida a mo baleha. 12 Yaba Saule o tshaba Davida hobane Jehova o ne a ena le yena+ empa a tlohile ho Saule.+ 13 Ka hoo, Saule a tlosa Davida hore a se ke a hlola a sebeletsa ka pela hae. A mo etsa molaodi wa ba sekete mme Davida a etella lebotho la sesole pele ho ya ntweng.+ 14 Davida a nna a atleha*+ dinthong tseo a neng a di etsa. Jehova o ne a ena le yena.+ 15 Ha Saule a bona hore Davida o a atleha, a mo tshaba le ho feta. 16 Empa Baiseraele bohle le Bajuda ba ne ba rata Davida hobane o ne a ba etella pele dintweng tsa bona.
17 Ha morao Saule a re ho Davida: “Moradi wa ka e moholo Merabe+ ke enwa. Ke tla o fa yena hore e be mosadi wa hao.+ Le ha ho le jwalo, o nne o ntshebeletse ka sebete mme o nne o lwane dintwa tsa Jehova.”+ Saule o ne a ntse a re ka pelong: ‘Ha se nna ya tla bolaya Davida. Bafilista ke bona ba tla mo bolaya.’+ 18 Yaba Davida o re ho Saule: “Nna ke mang mme ba lelapa la Ntate ke bomang Iseraele hore nka ba mokgwenyana wa morena?”+ 19 Le ha ho le jwalo, ha nako e fihla ya hore Saule a fane ka moradi wa hae Merabe ho Davida, o ne a se a nyetswe ke Adriele+ wa Momehola.
20 Mikale+ moradi wa Saule o ne a rata Davida. Saule a bolellwa taba eo mme ya mo thabisa. 21 Ka hoo, Saule a re: “Ke tla mo fa Mikale hore e be leraba ho yena e le hore Bafilista ba mo bolaye.”+ Yaba Saule o re ho Davida ka lekgetlo la bobedi: “Kajeno o tla ba mokgwenyana wa ka.”* 22 Ho ekelletsa moo, Saule a laela bahlanka ba hae a re: “Buang le Davida sephiring le re ho yena, ‘Morena o kgahlilwe ke wena le bahlanka bohle ba hae ba a o rata. Jwale eba mokgwenyana wa morena.’” 23 Ha bahlanka ba Saule ba bolella Davida dintho tsena Davida a re: “Na le nahana hore ke ntho e bonolo hore ke be mokgwenyana wa morena empa ke le mofutsana ebile ke kgellwa fatshe?”+ 24 Yaba bahlanka ba Saule ba re ho yena: “Davida o buile mantswe ana.”
25 Saule a re: “Ereng ho Davida, ‘Morena ha a batle tjhelete ya mahadi,+ o batla feela dintlha tse 100 tsa matlalo a ditho tsa botona+ a Bafilista hore morena a iphetetse ho dira tsa hae.’” Empa Saule o ne a rerile hore Davida a bolawe ke Bafilista. 26 Ka hoo, bahlanka ba Saule ba bolella Davida mantswe ana mme Davida a utlwa a thabela ho ba mokgwenyana wa morena.+ Pele nako e behilweng e fihla, 27 Davida a tsamaya le banna ba hae mme ba bolaya banna ba Bafilista ba 200 yaba Davida o tlisa dintlha tse 200 tsa matlalo a ditho tsa bona tsa botona, a di fa morena hore e tle e be mokgwenyana wa morena. Ka hoo, Saule a mo fa moradi wa hae Mikale hore e be mosadi wa hae.+ 28 Saule a hlokomela hore Jehova o na le Davida+ le hore moradi wa hae Mikale o a mo rata.+ 29 Ntho ena e ile ya etsa hore Saule a tshabe Davida le ho feta mme Saule ya eba sera sa Davida bophelo bohle ba hae.+
30 Dikgosana tsa Bafilista di ne di hlasela Baiseraele empa le ha di ne di ba hlasela ka makgetlo a mangata, Davida o ne a di hlola* ho feta bahlanka bohle ba Saule+ mme o ile a hlomphuwa haholo.+