Buka ya Pele ya Samuele
23 Ka mora nako Davida o ile a bolellwa sena: “Bafilista ba lwantsha Keila+ mme ba inkela dijo diotlong.” 2 Ka hoo, Davida a botsa Jehova+ a re: “Na ke ye ke yo bolaya Bafilista baa?” Jehova a re ho Davida: “Eya, o yo bolaya Bafilista mme o pholose Keila.” 3 Empa banna ba Davida ba re ho yena: “Re se re ntse re tshohile re sa le mona Juda,+ re tlo tshoha le ho feta haeba re ka ya Keila ho ya lwantsha masole a Bafilista.”+ 4 Ka hoo, Davida a boela a botsa Jehova.+ Jehova a mo araba a re: “Ema, o ye Keila hobane ke tla o thusa hore o hlole Bafilista.”+ 5 Davida a tsamaya le banna ba hae ho ya Keila mme ba lwantsha Bafilista. Davida a nka diphoofolo tsa bona mme a ba bolaya ka bongata yaba Davida o pholosa baahi ba Keila.+
6 Jwale ha Abiathare+ mora wa Akimeleke a balehela ho Davida Keila, o ne a tshwere efoda. 7 Saule a bolellwa hore Davida o tlile Keila. Yaba Saule o re: “Modimo o nehelane ka yena ho nna*+ hobane o ikwalletse ka ho kena motseng o nang le dikeiti le mekwallo.” 8 Saule a laela masole ohle a hae hore a ye ntweng Keila a yo thibella Davida le banna ba hae. 9 Ha Davida a utlwa hore Saule o ntse a mo rerela bolotsana, a re ho moprista Abiathare: “Tlisa efoda eo mona.”+ 10 Yaba Davida o re: “Jehova Modimo wa Iseraele, mohlanka wa hao o utlwile hore Saule o batla ho tla Keila ho tla fedisa motse ka lebaka la ka.+ 11 Na baetapele* ba Keila ba tla nehelana ka nna letsohong la hae? Na Saule o tla tla jwalo ka ha mohlanka wa hao a utlwile? Ka kopo Jehova Modimo wa Iseraele, bolella mohlanka wa hao.” Yaba Jehova o re: “O tla tla.” 12 Davida a re: “Na baetapele ba Keila ba tla nehelana ka nna le banna ba ka letsohong la Saule?” Jehova a re: “Ba tla nehelana ka lona.”
13 Hanghang Davida a tsamaya le banna ba hae ba ka bang 600+ mme ba tloha Keila ba ya dibakeng tse fapaneng, hohle moo ba neng ba bona ho sireletsehile. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehile Keila, a tlohela ho mo lelekisa. 14 Davida a dula lefeelleng dibakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona, sebakeng se dithaba lefeelleng la Zife.+ Saule o ne a dula a mo batla+ empa Jehova ha a ka a nehelana ka yena letsohong la Saule. 15 Ha Davida a ntse a le Horeshe lefeelleng la Zife, o ne a tseba hore* Saule o ntse a mo batla hore a tle a mo bolaye.
16 Jonathane mora wa Saule a ya ho Davida Horeshe mme a mo thusa hore a fumane matla* ho Jehova.+ 17 A re ho yena: “O se ke wa tshoha hobane ntate wa ka Saule a ke ke a o fumana. O tla ba morena wa Iseraele+ mme nna ke tla ba wa bobedi ka mora hao le ntate wa ka Saule o a tseba.”+ 18 Jwale ka bobedi ba etsa tumellano+ ka pela Jehova mme Davida a nna a dula Horeshe yaba Jonathane o ya hae.
19 Ha morao banna ba Zife ba nyolohela ho Saule Gibea+ mme ba re ho yena: “Davida o ipatile haufi le rona+ dibakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona Horeshe,+ leralleng la Hakila+ le ka borwa* ho Jeshimone.*+ 20 Morena haeba o batla ho tla, tloo mme re tla nehelana ka yena letsohong la hao morena.”+ 21 Yaba Saule o re: “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa hobane le nkutlwetse bohloko. 22 Ke kopa le tsamaye le yo leka ho fumana hore na hantlentle o sebakeng sefe le hore na ke mang ya mo boneng moo hobane ke utlwile hore o maqheka. 23 Le fumane hantle hore na dibaka tsohle tseo a ipatang ho tsona ke dife ebe le kgutlela ho nna ka bopaki. Ka mora moo, ke tla tsamaya le lona mme haeba a le teng naheng eo, ke tla mo batla hara dikete* tsohle tsa Juda.”
24 Ka hoo, ba tsamaya ba ya Zife+ pele ho Saule ha Davida le banna ba hae ba ntse ba le lefeelleng la Maone+ e Araba+ ka borwa ho Jeshimone. 25 Yaba Saule o tla le banna ba hae ho tla mo batla.+ Ha ba bolella Davida taba eo, hanghang a theohela lefikeng+ mme a dula lefeelleng la Maone. Saule a utlwa yaba o lelekisa Davida lefeelleng la Maone. 26 Ha Saule a tla ka lehlakoreng le leng la thaba, Davida le banna ba hae ba ne ba le ka lehlakoreng le leng la thaba. Davida o ne a potlaka hore a balehe+ Saule empa Saule le banna ba hae ba ne ba ntse ba atamela Davida le banna ba hae hore ba ba tshware.+ 27 Empa moromuwa a tla ho Saule a re: “Tloo kapele hobane Bafilista ba hlasetse naha!” 28 Yaba Saule o tlohela ho lelekisa Davida,+ a tloha a yo lwantsha Bafilista. Ke ka lebaka leo sebaka seo se ileng sa bitswa Lefika la Dikarohano.
29 Davida a nyoloha ho tloha moo mme a dula dibakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona Ene-gedi.+