Buka ya Pele ya Samuele
24 Hang ha Saule a tswa lelekisa Bafilista, ba re ho yena: “Davida o lefeelleng la Ene-gedi.”+
2 Ka hoo, Saule a nka banna ba 3 000 ba kgethilweng ho Baiseraele bohle mme a yo batla Davida le banna ba hae mafikeng a nang le dipodi tsa thaba. 3 Saule a fihla masakeng a dinku a pela tsela a entsweng ka majwe, moo ho neng ho ena le lehaha yaba o kena teng ho ya ithusa ha Davida le banna ba hae ba ntse ba dutse ka lehaheng harehare.+ 4 Banna ba Davida ba re ho yena: “Letsatsing lena Jehova o re ho wena, ‘Bona, ke nehelana ka sera sa hao letsohong la hao+ mme o ka se etsa eng kapa eng eo o bonang e lokile.’” Ka hoo, Davida a ema a thotse, a fihla a seha mophetho wa seaparo se se nang matsoho sa Saule. 5 Empa ka mora moo Davida a nna a otlwa ke letswalo*+ hobane a sehile mophetho wa seaparo se se nang matsoho sa Saule. 6 A re ho banna ba hae: “Ho hang Jehova a ke ke a dumela hore ke etse ntho e tjena ho morenaka e leng motlotsuwa wa Jehova, ya hore ke lematse morenaka hobane ke motlotsuwa wa Jehova.”+ 7 Ka hoo, Davida a thiba* banna ba hae ka ho tjho jwalo mme ha a ka a ba dumella hore ba hlasele Saule. Ha e le Saule, a tloha lehaheng mme a tsamaya.
8 Yaba Davida o a ema mme o tswa ka lehaheng o hweletsa Saule, o re: “Morenaka!”+ Ha Saule a hetla, Davida a kgumama sefahleho sa hae se shebile fatshe. 9 Davida a re ho Saule: “Ke hobaneng ha o mamela mantswe a batho ba reng, ‘Davida o batla ho o lematsa’?+ 10 Letsatsing lena o bone ka bowena ka moo Jehova a nehelaneng ka wena letsohong la ka ka lehaheng. Empa ha motho e mong a ne a re o bolawe,+ ke ile ka o qenehela mme ka re, ‘Nke ke ka lematsa morenaka hobane ke motlotsuwa wa Jehova.’+ 11 Ntate, bona, ke tshwere mophetho wa seaparo sa hao se se nang matsoho. Ha ke ne ke seha mophetho wa sona, ha ke a ka ka o bolaya. Jwale o a bona ebile o a utlwisisa hore ha ke a ikemisetsa ho o lematsa kapa ho o fetohela hape ha ke a o sitelwa+ empa wena o ntse o mpatla hore o tle o mpolaye.+ 12 E se eka Jehova a ka ahlola pakeng tsa ka le wena+ mme e se eka Jehova a ka o fa kotlo ka lebaka la seo o nkentseng sona+ empa nna nke ke ka o lwantsha.+ 13 Feela jwalo ka ha maele a boholoholo a re, ‘Bokgopo bo tswa ho ba kgopo’ empa nna nke ke ka o lwantsha. 14 Morena wa Iseraele o setse mang morao? O lelekisa mang? Ntja e shweleng? Letsetse le le leng?+ 15 E se eka Jehova e ka ba moahlodi, a ahlole pakeng tsa ka le wena. O tla bona a be a mpuelle+ mme o tla nkahlola a be a mpholose letsohong la hao.”
16 Eitse ha Davida a qeta ho bolella Saule mantswe ana, Saule a re: “Davida mora wa ka, na ke wena ya buang?”+ Yaba Saule o qala ho lla a phahamisitse lentswe. 17 A re ho Davida: “O lokile ho mpheta hobane o ntshwere hantle empa nna ke o entse hampe.+ 18 Kajeno o mpoleletse ntho e ntle eo o e entseng ka hore o se ke wa mpolaya ha Jehova a ne a nehelane ka nna letsohong la hao.+ 19 Ke monna ofe eo e reng ha a fumana sera sa hae ebe o se tlohela hore se tsamaye a sa se lematsa? Jehova o tla o putsa+ ka lebaka la seo o nketseditseng sona kajeno. 20 Ke a tseba hore ka nnete o tla ba morena+ le hore o tla busa Iseraele ka nako e telele. 21 Jwale ntlhapanyetse ka Jehova+ hore o ke ke wa fedisa ditloholo* tsa ka ka mora hore ke shwe le hore o ke ke wa fedisa lebitso la ka ka tlung ya Ntate.”+ 22 Ka hoo, Davida a hlapanyetsa Saule mme Saule a ya lapeng la hae.+ Empa Davida le banna ba hae ba ya sebakeng se sireletsehileng.+