Buka ya Pele ya Dikronike
7 Bara ba Isakare ba ne ba le bane, e le Thola, Pua, Jashube le Shimrone.+ 2 Bara ba Thola e ne e le Uzi, Refaia, Jeriele, Jamai, Ibsame le Shemuele, dihlooho tsa malapa a bontate ba bona. Ho Thola ho ile ha hlaha banna ba matla ba 22 600 mehleng ya Davida. 3 Ditloholo* tsa Uzi e ne e le Izrahia mme bara ba Izrahia e le Mikaele, Obadia, Joele le Ishia, kaofela ha bona e le balaodi.* 4 Bona ha mmoho le ditloholo tsa bona ba ne ba ena le basadi le bara ba bangata. Ka hoo, ho tswa malapeng a bontate ba bona ho ne ho ena le masole a 36 000 lebothong la bona la sesole. 5 Bana ba bo bona ba malapa ohle a Isakare e ne e le banna ba matla ba 87 000 ba ngodisitsweng ka maloko a bona.+
6 Bara ba Benjamine+ ba ne ba le bararo, e le Bela,+ Bekere+ le Jediaele.+ 7 Bara ba Bela ba ne ba le bahlano, e le Ezbone, Uzi, Uziele, Jerimothe le Iri, dihlooho tsa malapa a bontate ba bona, banna ba matla mme ba 22 034 ba ne ba ngodisitswe ho ya ka maloko a bona.+ 8 Bara ba Bekere e ne e le Zemira, Joashe, Eliezere, Elioenai, Omri, Jeremothe, Abija, Anathothe le Alemethe. Kaofela e ne e le bara ba Bekere. 9 Ba ngodisitsweng ho ya ka tatellano ya malapa a bontate ba bona le ho ya ka maloko a bona e ne e le banna ba matla ba 20 200. 10 Bara ba Jediaele+ e ne e le Bilhane mme bara ba Bilhane e le Jeushe, Benjamine, Ehude, Kenana, Zethane, Tarshishe le Akishahare. 11 Kaofela e ne e le bara ba Jediaele, ho ya ka dihlooho tsa baholoholo ba bona, e le banna ba matla ba 17 200 ba loketseng ho ya ntweng.
12 Bashupime le Bahupime* e ne e le bara ba Ire.+ Bahushime e ne e le bara ba Akere.
13 Bara ba Nefthali+ e ne e le Jaziele, Guni, Jezere le Shalume e leng ditloholo* tsa Bilha.+
14 Bara ba Manase+ e ne e le Asriele, ya ileng a tswalwa ke serethe* sa hae sa Mosiria. (Se ile sa tswala Makire+ ntate wa Gileade. 15 Makire a fumanela Hupime le Shupime basadi. Lebitso la kgaitsedi ya hae e ne e le Maaka.) Lebitso la wa bobedi e ne e le Zelofehade+ empa Zelofehade o ile a ba le baradi.+ 16 Maaka mosadi wa Makire a ba le mora mme a mo bitsa Pereshe. Lebitso la ngwanabo e ne e le Shereshe mme bara ba hae e le Ulame le Rekeme. 17 Mora* wa Ulame e ne e le Bedane. Kaofela e ne e le bara ba Gileade mora wa Makire mora wa Manase. 18 Kgaitsedi ya hae e ne e le Hamolekethe. O ile a tswala Ishhode, Abi-ezere le Mahela. 19 Bara ba Shemida e ne e le Akiane, Shikeme, Likhi le Aniame.
20 Bara ba Efraime+ e ne e le Shuthela,+ mora wa hae e le Berede, mora wa hae e le Tahathe, mora wa hae e le Eleada, mora wa hae e le Tahathe, 21 mora wa hae e le Zabade, mora wa hae e le Shuthela, Ezere le Eleade. Banna ba Gathe+ ba neng ba tswaletswe naheng eo ba theoha ho ya utswa diphoofolo tsa bara ba Efraime mme ba bolaya Ezere le Eleade. 22 Ntate wa bona Efraime a qeta matsatsi a mangata a utlwile bohloko mme bana babo ba nna ba tla ho tla mo tshedisa. 23 Ka mora moo, a robala le mosadi wa hae yaba o a ima mme o tswala mora. Empa a mo bitsa Beria* hobane o bile le yena nakong eo ho neng ho ena le tlokotsi lelapeng la hae. 24 Moradi wa hae e ne e le Sheera, ya ileng a haha Bethe-horone e ka Tlase+ le e ka Hodimo+ le Uzene-sheera. 25 Ho ne ho ena le mora wa hae Refa, Reshefe, mora wa hae e le Tela, mora wa hae e le Tahane, 26 mora wa hae e le Ladane, mora wa hae e le Amihude, mora wa hae e le Elishama, 27 mora wa hae e le Nune mme mora wa hae e le Joshua.*+
28 Dibaka tseo ditloholo tsa Efraime di neng di dula ho tsona e ne e le Bethele+ le metse e haufi* le yona. Ka botjhabela e ne e le Narane mme ka bophirimela e le Gezere le metse e haufi le yona le Shikeme le metse e haufi le yona, ho ya fihla Aya* le metseng e haufi le yona. 29 Pela ditloholo tsa Manase e le Bethe-sheane+ le metse e haufi le yona, Tanake+ le metse e haufi le yona, Megido+ le metse e haufi le yona le Dore+ le metse e haufi le yona. Ditloholo tsa Josefa mora wa Iseraele di ne di dula dibakeng tsena.
30 Bara ba Ashere e ne e le Imna, Ishva, Ishvi le Beria+ mme kgaitsedi ya bona e le Sera.+ 31 Bara ba Beria e ne e le Hebere le Malkiele, eo e neng e le ntate wa Birzaithe. 32 Hebere ya eba ntate wa Jaflete, Shomere, Hothame le kgaitsedi ya bona Shua. 33 Bara ba Jaflete e ne e le Pasake, Bimhale le Ashvathe. Bana e ne e le bara ba Jaflete. 34 Bara ba Shemere* e ne e le Aki, Roga, Jehuba le Arame. 35 Bara ba Heleme* ngwanabo e ne e le Zofa, Imna, Sheleshe le Amale. 36 Bara ba Zofa e ne e le Sua, Harnefere, Shuale, Beri, Imra, 37 Bezere, Hode, Shamma, Shilsha, Ithrane le Bera. 38 Bara ba Jethere e ne e le Jefune, Pispa le Ara. 39 Bara ba Ula e ne e le Ara, Haniele le Rizia. 40 Kaofela e ne e le bara ba Ashere, dihlooho tsa malapa a bontate ba bona, banna ba kgethilweng, ba matla, dihlooho tsa dikgosana. Palo ya ba ngodisitsweng ho ya ka maloko a bona+ e ne e le lebotho la sesole la banna ba 26 000.+