Sefela sa Difela
4 “O motle, moratuwa wa ka.
O motle haholo.
Mahlo a hao ekare a maeba ka hara lesira la hao.
Moriri wa hao o jwalo ka mohlape wa dipodi
Tse theohang dithabeng tsa Gileade.+
2 Meno a hao a jwalo ka mohlape wa dinku di qeta ho kutwa,
Di nyoloha moo di tswa hlatsuwa teng,
Tseo kaofela ha tsona di tswalang mafahla,
Ho se e shwetsweng ke dikonyana.
3 Molomo wa hao o jwalo ka kgwele e kgubedu
Mme dipuo tsa hao di monate.
Marama* a hao ka hara lesira
A jwalo ka kgarenate e arotsweng.
4 Molala wa hao+ o jwalo ka tora ya Davida,+
E hahilweng ka makgethe ka majwe,
Eo ho yona ho fanyehwang dithebe tse sekete,
Dithebe tsohle tse tjhitja tsa banna ba matla.+
Theoha tlhorong ya thaba ya Amana,*
Tlhorong ya thaba ya Senire e leng thaba ya Hermone,+
Dilaong tsa ditau, dithabeng tseo mangau a phelang ho tsona.
9 O hapile pelo ya ka,+ wena moratuwa wa ka, monyaduwa wa ka,
O hapile pelo ya ka, ka ho ntjheba hanngwe feela,
Ka mokgabiso o le mong wa sefaha sa hao.
10 Lerato la hao le monate hakaakang,+ wena moratuwa wa ka, monyaduwa wa ka.
Lerato la hao le monate haholo ho feta veine,+
Le monko wa dioli tsa hao o monate ho feta mefuta yohle ya dinoko.+
11 Molomo wa hao o rotha mahe a dinotshi, wena monyaduwa wa ka.+
Mahe a dinotshi le lebese di tlasa leleme la hao+
Mme monko o monate wa diaparo tsa hao o jwalo ka monko o monate wa Lebanone.
12 Moratuwa wa ka, monyaduwa wa ka, o jwalo ka serapa se kampetsweng,
Serapa se kampetsweng, sediba se kwahetsweng.
13 O tshwana le* serapa sa difate tseo makala a tsona a tletseng dikgarenate,
Se nang le ditholwana tse monate tsa mefutafuta le dimela tsa hena ha mmoho le dimela tsa nareda,
14 Nareda+ le palesa ya safrone, lehlaka*+ le sinamone,+
Le difate tsa mefuta yohle ya dibano tse tshweu, mira le makgala+
Ha mmoho le dioli tsohle tse nkgang ha monate tsa boleng bo botle ka ho fetisisa.+
16 Tsoha, moya wa leboya,
Kena, moya wa borwa.
Foka ha monate hodima serapa sa ka.
Monko wa sona o tlale hohle.”
“Ke lakatsa eka moratuwa wa ka a ka tla serapeng sa hae,
A je ditholwana tsa sona tse monate ka ho fetisisa.”