Sefela sa Difela
6 “Moratuwa wa hao o ile kae,
Wena e motle ka ho fetisisa hara basadi?
Moratuwa wa hao o tswile le kae?
Ere re mo batle le wena.”
2 “Moratuwa wa ka o theohetse serapeng sa hae,
Serapeng sa dimela tsa dinoko,
Ho disetsa dirapeng,
Le ho kga mehaladitwe.+
O disetsa moo ho nang le mehaladitwe.”+
4 “Moratuwa wa ka,+ o motle jwalo ka motse wa Tirza,*+
O motle jwalo ka Jerusalema,+
O kgahleha jwalo ka mabotho a potapotileng difolakga tsa wona.+
Moriri wa hao o jwalo ka mohlape wa dipodi
Tse theohang dithabeng tsa Gileade.+
6 Meno a hao a jwalo ka mohlape wa dinku,
Di nyoloha moo di tswa hlatsuwa teng,
Tseo kaofela ha tsona di tswalang mafahla,
Ho se e shwetsweng ke dikonyana.
9 O mong eo e leng leeba+ la ka le se nang sekodi.
Ke moratuwa wa mme wa hae,
Thatohatsi ya* ya mo tswetseng.
Barwetsana ba a mo bona mme ba re o lehlohonolo,
Mafumahadi le basadi ba direthe ba a mo rorisa,
10 ‘Ngwanana eo ya kganyang* jwalo ka mafube ke mang,
E motle jwalo ka kgwedi e tolokileng,
Ya hlwekileng jwalo ka kganya ya letsatsi,
Ya kgahlehang jwalo ka mabotho a potapotileng difolakga tsa wona?’”+