Esaia
34 Atamelang le utlwe lona ditjhaba,
Mamelang ka hloko lona ditjhaba.
Lefatshe le tsohle tse ho lona le mamele
Le naha le dihlahiswa tsohle tsa yona.
O tla di fedisa,
O tla di bolaya.+
Dithaba di tla qhibidiha ka lebaka la* madi a bona.+
4 Lebotho lohle la mahodimo le tla bola
Mahodimo a tla phuthwa jwalo ka moqolo.
Lebotho lohle la ona le tla pona
Jwalo ka ha lekgasi le ponneng le wa sefateng sa morara
Le jwalo ka ha feie* e ponneng e wa sefateng sa feie.
5 “Sabole ya ka e tla rotha madi mahodimong.+
E tla theohela Edomo ho fana ka kahlolo+
Ho batho bao ke entseng qeto ya ho ba fedisa.
6 Jehova o na le sabole. E tla tlala madi.
Jehova o na le sehlabelo Bozra,
O tla hlaba batho ba bangata haholo naheng ya Edomo.+
Naha ya bona e tla tlala madi
Lerole la bona le tlale mafura.”
8 Jehova o na le letsatsi leo a tla iphetetsa ka lona,+
Selemo seo a tla fana ka kotlo nyeweng ya Sione.+
9 Melapo ya hae* e tla fetoha sekontiri,
Lerole la hae le fetohe sebabole,
Sebaka sa hae se tla ba jwalo ka sekontiri se tukang.
10 Edomo e ke ke ya tima bosiu kapa motshehare,
Mosi wa yona o tla kubella ka ho sa feleng.
E tla dula e se na baahi ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong,
Le ka mohla ho ke ke ha eba le ya fetang ho yona.+
11 Noko le letata le jang ditlhapi di tla dula ho yona,
Diphooko le makgwaba a tla dula ho yona.
Modimo o tla metha naha ena ka kgwele e methang le e otlollang* e le ho bontsha
Hore o tla e fedisa.
12 Ha ho bahlomphehi ba hae ba tla etswa marena
Mme dikgosana tsohle tsa hae di tla timela.
13 Meutlwa e tla mela ditoreng tsa hae tse tiileng,
Bobatsi le ditlamatlama tse meutlwa di mele diqhobosheaneng tsa hae,
O tla fetoha selao* sa diphokojwe,+
Lehae la dimpshe.
14 Diphoofolo tsa lehwatata di tla kopana le dintja tse hlaha*
Le podi e hlaha* e tla bitsa motswalle wa yona.
Semanama* se tla dula mme se iphumanele sebaka sa phomolo moo.
15 Noha e tla etsa sehlaha mme e behele mahe teng,
E tla a qhotsa mme e sireletse madinyane a yona.
Dinonyana tse jang nama di tla bokana teng, e nngwe le e nngwe le molekane wa yona.
16 Batlisisang ka bukeng ya Jehova mme le e balle hodimo:
Ha ho le e nngwe ya diphoofolo tseo e tla ba siyo.
Ha ho le e nngwe ya tsona e tla hloka molekane
Hobane ke molomo wa Jehova o faneng ka taelo
Mme ke moya wa hae o di bokeletseng.
17 Ke Yena ya lahlang lotho bakeng sa tsona,
Letsoho la hae le kgethile sebaka sa tsona seo di se abetsweng.*
Di tla dula ho sona ka ho sa feleng,
Meloko yohle e tla latela e tla dula ho sona.