Hosea
Mamelang lona setjhaba sa Iseraele,
Le mamele lona ba ntlo ya morena
Hobane kahlolo ena e ama lona.
Le leraba ho Mizpa
Ebile le letlowa le adilweng hodima Tabore.+
3 Ke tseba Efraime,
Baiseraele ba ke ke ba ipatela nna.
Wena Efraime, o entse botekatse.*
Baiseraele ba itshilafaditse.+
4 Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona
Ebile ha ba tsotelle Jehova.
5 Boikgohomoso ba Iseraele bo fane ka bopaki ba hore o kgopo.+
Baiseraele le Baefraime ba kgopilwe ka lebaka la phoso ya bona
Bajuda le bona ba kgopilwe.+
6 Ba ile ba nka dinku le dikgomo tsa bona ho ya etsetsa Jehova sehlabelo ka tsona hore a ba hauhele
Empa ha a ka a ba hauhela.
O ne a suthetse hole le bona.+
Ba tla fediswa ka kgwedi e le nngwe ha mmoho le masimo* a bona.
8 Letsang lenaka+ Gibea le terompeta Rama.+
Etsang modumo wa ntwa Bethe-avene,+ wena Benjamine etella pele.
9 Efraime, o tla ba ntho e tshosang mohlang o fumanang kotlo.+
Ke boleletse maloko a Iseraele se tla etsahala.
10 Dikgosana tsa Juda di bolotsana jwalo ka batho ba tjhetjhisang moedi.+
Ke tla ba halefela haholo jwalo ka ha eka ke qhalla metsi hodima bona.
11 Efraime o hateletswe, o silakantswe ka toka
Hobane o ne a ikemiseditse ho sala dira tsa hae morao.+
13 Ha Efraime a bona bolwetse ba hae le Juda a bona seso sa hae,
Efraime a ya Asiria+ mme a romela baromuwa ho morena e moholo.
Empa morena eo ha a ka a kgona ho le fodisa
Kapa ho phekola seso sa lona.
14 Ke tla ba jwalo ka tawana ho Efraime,
Ke be jwalo ka tau e matla ho batho ba Juda.
15 Ke tla tsamaya ke kgutlele sebakeng sa ka ho fihlela ba fumana ditlamorao tsa molato wa bona.
Ka nako eo, ba tla batla hore ke ba hauhele.*+
Ha ba le mathateng, ba tla batla thuso ya ka.”+