Malakia
4 Jehova wa mabotho o re: “Ho tla letsatsi le tjhesang jwalo ka mollo,+ ha bohle ba ikgohomosang le ba etsang dintho tse mpe ba tla tshwana le ditlhaka. Letsatsi leo le tla ba fedisa, le ba siye ba se na motso kapa lekala. 2 Empa lona ba hlomphang* lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke letsatsi la ho loka leo mahlasedi* a lona a fodisang. Le tla tlolatlola jwalo ka manamane a nonneng.”
3 Jehova wa mabotho o re: “Letsatsing leo ke hlaselang ba kgopo, le tla ba hatakela hobane ba tla ba jwalo ka lerole tlasa maoto a lona.
4 Hopolang Molao oo ke o fileng mohlanka wa ka Moshe. Le hopole dikahlolo le ditaelo tseo ke ileng ka di fa Baiseraele bohle Horebe hore ba di mamele.+
5 Ke le romela moprofeta Elia+ pele letsatsi la Jehova le leholo le le tshosang le fihla.+ 6 O tla etsa hore dipelo tsa bontate di tshwane le tsa bana ba bona+ le hore dipelo tsa bana di tshwane le tsa bontate ba bona e le hore ke se ke ka tla otla lefatshe, ka le fedisa.”
(Phetolelo ya Mangolo a Seheberu le a Searame e fella mona. E tla latelwa ke ya Mangolo a Segerike a Bakreste)