Kosepele ya Luka
19 Yaba Jesu o kena motseng wa Jeriko. 2 Motseng oo ho ne ho ena le monna e mong ya bitswang Zakiase. E ne e le mmokelli e moholo wa lekgetho a bile a ruile. 3 O ne a batla ho bona hore na Jesu enwa ke mang empa a sitwa ho mo bona ka lebaka la bongata ba letshwele hobane o ne a le mokgutshwanyane. 4 Ka hoo, a mathela pele yaba o hlwella sefateng* e le hore a tsebe ho mo bona hobane o ne a tlo feta moo. 5 Ha Jesu a fihla moo, a lelala yaba o re ho yena: “Zakiase, theoha kapele hobane letsatsing lena ke ya ha hao.” 6 A theoha kapele yaba o mo amohela ha hae a thabile. 7 Empa ha ba bona taba ena ba honotha kaofela ba re: “O tjhaketse monna wa moetsadibe.”+ 8 Yaba Zakiase o a ema o re ho Morena: “Morena, ke fa bafutsana halofo ya dintho tsa ka mme mang kapa mang eo ke mo nketseng dintho tsa hae ka bolotsana, ke mo kgutlisetsa tsona di imenne ka makgetlo a mane.”+ 9 Yaba Jesu o re ho yena: “Letsatsing lena Modimo o pholositse monna enwa le ba lelapa la hae hobane monna enwa le yena ke ngwana wa Abrahama. 10 Etswe Mora motho o tletse ho batla le ho pholosa batho ba lahlehileng.”+
11 Ha ba sa ntse ba mo mametse, a ba etsetsa papiso e nngwe hobane ba ne ba nahana hore ha ba fihla Jerusalema Mmuso wa Modimo o tla bonahala hanghang.+ 12 A re ho bona: “Monna e mong wa lelapa la boreneng o ile a ya naheng e hole+ e le hore a tle a kgutle a ena le matla a borena. 13 A bitsa makgoba a hae a leshome yaba o a fa dimina* tse leshome a re ho ona: ‘Etsang kgwebo ka tsona ho fihlela ke kgutla.’+ 14 Empa ka ha baahi ba naha ya habo ba ne ba mo hloile, ba roma batho ho yena hore ba re: ‘Ha re batle hore o be morena wa rona.’
15 Ha a kgutlela ha habo a se a ena le matla a borena, a bitsa makgoba ane ao a neng a a file tjhelete* e le hore a fumane hore na a entse phaello e kae ha a ntse a hweba.+ 16 La pele la fihla la re: ‘Morena, mina ya hao e entse phaello ya dimina tse leshome.’+ 17 Ka hoo, monga hae a re ho yena: ‘O entse hantle wena lekgoba le molemo. Ka ha o tshepahetse nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’+ 18 La bobedi la fihla la re: ‘Morena, mina ya hao e entse dimina tse hlano.’+ 19 Morena a re ho lona: ‘Le wena busa metse e mehlano.’ 20 Empa le leng la fihla la re: ‘Morena, mina ya hao ke ena, esale ke e bolokile ka hara lesela. 21 Ke ne ke o tshaba hobane o motho ya se nang mohau, o ithuisa ka mosebetsi wa motho e mong ebile o kotula moo o sa jalang.’+ 22 Morena a re ho lona: ‘Wena lekgoba le kgopo, ke o ahlola ka mantswe a hao. Ha o tsebile hore ke motho ya se nang mohau, ya ithuisang ka mosebetsi wa motho e mong ya bileng a kotulang moo a sa jalang,+ 23 ha o a isa tjhelete* ya ka bankeng keng ke tle ke e late e ena le tswala ha ke kgutla?’
24 Yaba Morena o re ho ba emeng haufi: ‘Mo tsekiseng mina eno le e fe ya nang le tse leshome.’+ 25 Ba re ho yena: ‘Morena empa o na le dimina tse leshome!’ 26 A re: ‘Ke re ho lona, e mong le e mong ya nang le letho o tla ekeletswa empa ya se nang letho o tla amohuwa le hoo a nang le hona.+ 27 Ha e le dira tsena tsa ka tsona tse neng di sa batle ha ke di busa, di tliseng kwano le di bolaele ka pela ka.’”
28 Ha Jesu a qeta ho bua dintho tsena, a nyolohela Jerusalema. 29 Ha a atamela Thaba ya Mehlwaare+ moo Bethefage le Bethani di leng hona teng, a roma barutuwa ba babedi+ a re: 30 “Tsamayang le kene motsaneng wane o ka pela lona. Ha le fihla le tla fumana petsana ya tonki e tlanngwe. Ke petsana e eso palangwe ho hang, le e tlamolle le e tlise kwano. 31 Ya tla le botsa hore na le e tlamollelang le mo jwetse hore Morena o a e hloka.” 32 Barutuwa ba babedi bao a neng a ba romme ba tloha yaba ba fumana ho le feela jwalo ka ha a boletse.+ 33 Ha ba ntse ba tlamolla petsana, beng ba yona ba re: “Le tlamollelang petsana eo?” 34 Ba re: “Morena o a e hloka.” 35 Yaba ba a e kganna ba e isa ho Jesu, ba beha diaparo tsa bona hodima yona yaba Jesu o a e palama.+
36 Ha a ntse a tsamaya, batho ba ala diaparo tsa bona ka tseleng.+ 37 Hang ha a atamela kgoro ya Thaba ya Mehlwaare, barutuwa kaofela ba qala ho thaba, ba hweletsa ba rorisa Modimo ka lebaka la mehlolo yohle eo ba e boneng ba re: 38 “Ho hlohonolofetse ya tlang e le Morena ka lebitso la Jehova!* E se eka ho ka ba le kgotso lehodimong mme re rorise Modimo ya hodimodimo!”+ 39 Le ha ho le jwalo, ba bang ba Bafarisi hara letshwele leo ba re ho yena: “Mosuwe, kgalemela barutuwa ba hao.”+ 40 Yaba o re ho bona: “Ke a le bolella haeba ba ne ba ka thola, majwe a ne a tla hweletsa.”
41 Ha a atamela motse, a o sheba yaba o a o llela+ o re: 42 “Hoja ebe letsatsing lena o ile wa lemoha dintho tse tlisang kgotso empa jwale o di patetswe hore o se ke wa di bona+ 43 hobane ho na le nako eo ka yona dira tsa hao di tla o thibella ka dipalo tse motsu ho o potoloha, di o hlasele di hlaha ka mahlakoreng ohle.+ 44 Di tla o tabanya fatshe mmoho le bana ba hao+ mme ha ho lejwe le tla sala hodima le leng motseng ona+ hobane ha o a bona ha nako ya hore o ahlolwe* e fihla.”
45 A kena ka tempeleng, a tebela bohle ba rekisang+ 46 a re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo’+ empa lona le e entse lehaha la mashodu.”+
47 A nna a ruta ka tempeleng letsatsi le leng le le leng empa baprista ba baholo, bangodi le baetapele ba Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaya.+ 48 Le ha ho le jwalo, ha ba a ka ba fumana monyetla wa ho mo bolaya hobane batho ba ne ba dula ba ena le yena e le hore ba mo mamele.+