Kosepele ya Luka
20 Ka le leng la matsatsi ha a ntse a ruta batho ka tempeleng, a ba bolella ditaba tse monate tse tswang ho Modimo,* baprista ba baholo, bangodi le baholo ba tla ho yena 2 yaba ba re: “Ako re jwetse, dintho tsee o di etsa ka matla afe? Hona ke mang ya o fileng ona?”+ 3 Yena a re ho bona: “Le nna ke tla le botsa potso le nkarabe. 4 Na ke Modimo* ya fileng Johanne matla a ho kolobetsa kapa o a filwe ke batho?” 5 Yaba ba a buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Modimo,’ o tla re ho rona: ‘Jwale ke hobaneng ha le sa ka la dumela ho yena?’ 6 Empa haeba re re: ‘O a filwe ke batho,’ batho kaofela ba tla re tlepetsa ka majwe hobane ba kgodisehile hore Johanne e ne e le moprofeta.”+ 7 Yaba ba re ha ba tsebe hore na o a fuwe ke mang. 8 Jesu a re ho bona: “Le nna nke ke ka le bolella hore na ke nka matla a ho etsa dintho tsena hokae.”
9 A etsetsa batho papiso ena: “Motho e mong o ile a lema tshimo ya morara,+ a e hirisetsa balemi yaba o etela hole ka nako e telele.+ 10 Ha nako ya ho kotula e fihla, a roma lekgoba la hae ho balemi e le hore ba ka le fa morara o mong. Empa balemi bao ba le kgakgatha yaba ba le kgutlisa le se na letho.+ 11 A roma lekgoba le leng hape. Le lona ba le kgakgatha, ba le rohaka* yaba ba le kgutlisa le se na letho. 12 A roma le leng hape. Le lona ba le otla ba le ntsha maqeba yaba ba a le leleka. 13 Yaba monga tshimo ya morara o re: ‘Ebe ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka eo ke mo ratang.+ Mohlomong yena ba tla mo hlompha.’ 14 Ha balemi bao ba mo bona ba buisana ba re: ‘Enwa ke yena mojalefa. A re mo bolayeng ebe re nka lefa la hae.’ 15 Yaba ba mo lahlela ka ntle ho tshimo ya morara mme ba mo bolaya.+ Monga tshimo eo o tla ba etsang? 16 O tla ba bolaya ebe o hirisetsa balemi ba bang tshimo eo ya morara.”
Ha ba utlwa ditaba tsena ba re: “E se eka ntho e jwalo e ke ke ya etsahala.” 17 Empa a ba sheba a re: “Lengolo lee le bolelang: ‘Lejwe leo dihahi di le lahlileng le fetohile lejwe la sekgutlo* la sehlooho’?*+ 18 E mong le e mong ya welang hodima lejwe lena o tla hlaha kotsi e mpe.+ Eo le tla mo wela hodimo yena le tla mo silakanya.”
19 Ka ha bangodi le baprista ba baholo ba ile ba hlokomela hore o ne a bua ka bona ha a etsa papiso eo,+ ba ne ba batla ho mo tshwara ka yona nako eo empa ba tshaba batho. 20 Ba ne ba shebile monyetla o mong le o mong o ka hlahang wa ho tshwara Jesu. Ka hoo, ba hira banna ba bang hore ba ye ho Jesu ba etse eka ba lokile e le hore ba ka mo tshwara ka dipuo tsa hae,+ ba tle ba mo ise ho ba boholong mmusong le ho mmusisi. 21 Yaba ba a mo botsa ba re: “Mosuwe, re a tseba hore o bua nnete ha o ruta batho ebile ha o leeme* empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. 22 Na ka molao* re lokela ho patala lekgetho ho Sesare kapa tjhe?” 23 Empa ha Jesu a lemoha hore ba bolotsana, a re ho bona: 24 “Mpontsheng denari.* Setshwantsho le mongolo tse hlahang moo ho yona ke tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Sesare.” 25 A re ho bona: “Jwale le fe Sesare dintho tsa hae+ le Modimo le mo fe tsa hae.”+ 26 Ha ba a ka ba kgona ho mo tshwara ka dipuo ka pela batho empa ba ile ba thola hobane ba makaditswe ke karabo ya hae.
27 Le ha ho le jwalo, ba bang ba Basaduse ba reng ha ho na tsoho ya bafu,+ ba tla ho yena ba re:+ 28 “Mosuwe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shwa a ena le mosadi empa a se na bana, ngwanabo o tla nyala mosadi wa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+ 29 Jwale ho ne ho ena le bana ba motho ba supileng. Yaba wa pele o a nyala empa a shwa a se na bana. 30 Wa bobedi 31 le wa boraro ba mo kenela ho fihlela ho wa bosupa empa kaofela ha bona ba shwa ba se na bana. 32 Qetellong mosadi eo le yena a shwa. 33 Ha ba se ba tsositswe, mosadi eo e tla ba wa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”
34 Jesu a re ho bona: “Batho ba mehleng ena* ba a nyala, ba a nyalwa 35 empa batho ba tshwanelwang ke ho tsoha bafung le ho phela lefatsheng le tlang ha ba nyale ebile ha ba nyalwe.+ 36 Le ho shwa ha ba sa tla hlola ba shwa hobane ba tla tshwana le mangeloi mme ka ha ba tla tsoswa, e tla ba bana ba Modimo. 37 Empa taba ya hore bafu ba a tsoswa esita le Moshe o ile a bua ka yona ha a bua ka sehlahla se meutlwa. O ile a re Jehova* ke Modimo wa Abrahama, Isaka le Jakobo.+ 38 Yena ke Modimo wa ba phelang eseng wa bafu hobane ho yena ba a phela kaofela.”+ 39 Ba bang ba bangodi ba re: “Mosuwe, o buile hantle.” 40 Ka mora moo, ha ba a ka ba hlola ba eba le sebete sa ho mo botsa potso e nngwe hape.
41 Yaba o re ho bona: “Jwale ke hobaneng ha batho ba re Kreste ke mora wa Davida?+ 42 Bukeng ya Dipesaleme Davida o re: ‘Jehova* o itse ho Morenaka: “Dula ka letsohong la ka le letona 43 ho fihlela ke beha dira tsa hao tlasa maoto a hao.”’+ 44 Jwale haeba Davida a mo bitsa Morena, ke mora wa hae jwang?”
45 Ha batho kaofela ba ntse ba mametse, a re ho barutuwa ba hae: 46 “Le hlokomele bangodi, ba rata ho dumediswa dimmarakeng le ho tsamaya ba apere diaparo tse telele. Ba rata ho dula ditulong tse ka pele* ka matlung a thapelo* le ditulong tsa bahlomphehi meketeng.+ 47 Ba ikgapela matlo* a bahlolohadi hape ka boikaketsi ba etsa dithapelo tse telele. Ba tla fumana kahlolo e boima haholo.”