Tshenolo e yang ho Johanne
8 Ha Konyana+ e tlosa setempe* sa bosupa,+ ho ile ha thola metsotso e ka bang 30 lehodimong. 2 Ka bona mangeloi a supileng+ a emang ka pela Modimo a fuwa diterompeta tse supileng.
3 Lengeloi le leng la fihla, la ema aletareng le tshwere sejana sa dibano sa kgauta.+ La fuwa dibano tse ngata+ e le hore le di nyehele aletareng ya kgauta+ e neng e le ka pela terone ha dithapelo tsa bahalaledi bohle di ne di utluwa. 4 Mosi wa dibano tseo lengeloi le neng le di tjhesitse wa nyolohela ho Modimo ha mmoho le dithapelo+ tsa bahalaledi. 5 Yaba lengeloi le nka sejana seo sa dibano, la tshela a mang a mashala* a tswang aletareng ka hara sona mme la se lahlela lefatsheng. Ha eba le diaduma, mahadima+ le tshisinyeho ya lefatshe. Hape ka utlwa le mantswe. 6 Mangeloi a supileng a nkileng diterompeta+ a itokisetsa ho di letsa.
7 La pele la letsa terompeta ya lona. Sefako le mollo o tswakaneng le madi tsa nela lefatshe.+ Karolo e nngwe* ya lefatshe ya tjha, difate tse ngata le dimela tsohle tse tala tsa tjha.+
8 Lengeloi la bobedi la letsa terompeta ya lona. Ntho e kang thaba e kgolo e tukang ya lahlelwa ka lewatleng.+ Karolo e nngwe* ya lewatle ya fetoha madi.+ 9 Karolo e nngwe ya dintho tse phelang lewatleng ya shwa+ le dikepe tse ngata tsa senyeha.
10 Lengeloi la boraro la letsa terompeta ya lona. Naledi e kgolo e kganyang jwalo ka lebone ya theoha lehodimong, ya wela dinokeng tse ngata le didibeng.+ 11 Lebitso la naledi eo ke Lengana. Metsi a mangata a ile a baba jwalo ka lengana yaba batho ba bangata ba bolawa ke metsi ao hobane a ne a baba.+
12 Lengeloi la bone la letsa terompeta ya lona. Karolo e nngwe* ya letsatsi, karolo e nngwe ya kgwedi le dinaledi tse ngata tsa fifala.+ Ho ne ho se na kganya ka dihora tse ka bang nne bosiu le ka dihora tse ka bang nne motshehare.
13 Ka bona le ho utlwa ntsu e fofelang hodimo e hweleditse e re: “Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe+ ba dulang lefatsheng ka lebaka la medumo ya diterompeta tseo mangeloi a mang a mararo a seng a tla di letsa!”+