3. Ke Hobaneng Ha Batho Ba Lokileng Ba Hlahelwa Ke Dintho Tse Bohloko?
Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tseba Karabo ya Potso ee?
Re utlwa bohloko ha batho ba lokileng ba hlahelwa ke dintho tse bohloko. Ka hoo, ba bang ba re ha ho hlokahale hore re be batho ba lokileng hobane mathata a re hlahela kaofela.
Nahana ka Sena
Batho ba bang ba dumela hore haeba motho a shwa, a ka kgona ho tswalwa hape. Ba dumela hore haeba motho a ka hlokahala a ntse a etsa dintho hantle, ha a tswalwa hape bophelo ba hae ha bo na ba le mathata empa haeba motho o ile a hlokahala a etsa dintho tse mpe, ha a tswalwa hape bophelo ba hae bo tla tlala ka mathata. Ba boetse ba dumela hore haeba motho o ne a etsa dintho tse mpe pele empa hona jwale o se a etsa dintho hantle, o ntse a tla hlahelwa ke mathata. Le ha ho le jwalo . . .
Haeba motho eo o tlo tswalwa hape, molemo wa hore a hlahelwe ke mathata ke ofe hobane a ke ke a hopola dintho tseo a di entseng nakong e fetileng?
Ke hobaneng ha re lokela ho itshotla ka hore re ikwetlise mme re qobe ho hlahelwa ke dikotsi haeba re ntse re tlo fuwa kotlo ka lebaka la dintho tse mpe tseo re di entseng bophelong ba rona ba nako e fetileng?
ITHUTE HO EKETSEHILENG
Shebella video ya Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mathata? ho jw.org/st-za.
Seo Bibele e se Rutang
Ha se Modimo ya re bakelang mathata.
Ho e na le hoo, re hlahelwa ke mathata hobane re le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.
“Ba lebelo ha ba hlole peisong, le ha e le hore ba matla ba a hlola ntweng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le dijo, le ha e le hore ba nang le kutlwisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo, hobane bohle ba hlahelwa ke nako le ketsahalo e sa lebellwang.”—MOEKLESIA 9:11.
Re hlahelwa ke mathata ka lebaka la sebe seo re se futsitseng.
Hangata ha batho ba bua ka lentswe lena “sebe” ba be ba bua ka ntho e nngwe e mpe eo motho e mong a e entseng. Ka ho tshwanang, ha Bibele e bua ka lentswe lena ebe e bua ka sebe seo batho ba lokileng le ba sa lokang ba se futsitseng.
“Ke ile ka tswallwa phosong ka bohloko ba pelehi, Mme a nkemolela sebeng.”—PESALEME YA 51:5.
Sebe ke sona se etsang hore batho ba hlahelwe ke mathata.
Sebe ha sa etsa feela hore re lahlehelwe ke setswalle se setle le Modimo empa se entse hore re se ke ra kgona ho ba le setswalle se setle le ba bang. Se entse hore re lemale maikutlong ebile se entse hore re senye lefatshe le letle leo Modimo a re etseditseng lona. Dintho tsena kaofela di entse hore batho ba hlahelwe ke mathata.
“Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho nna.”—BAROMA 7:21.
“Popo yohle e ntse e tswela pele ho bobola ha mmoho le ho ba bohlokong ha mmoho.”—BAROMA 8:22.