Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 7 leq. 24-leq. 25 ser. 1
  • Tora ya Babele

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tora ya Babele
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Areka ya Noe
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 7 leq. 24-leq. 25 ser. 1
Ha Jehova a qeta ho ferekanya dipuo tsa batho, ba ile ba hloleha ho sebetsa ha mmoho ho haha Tora ya Babele

THUTO YA 7

Tora ya Babele

Ka mora Morwallo, bara ba Noe le basadi ba bona ba ile ba ba le bana ba bangata. Malapa a bona a ile a eketseha yaba a ya dibakeng tse fapaneng feela jwalo ka ha Jehova a ne a ba bolelletse.

Empa batho ba bang ba ne ba sa mamele Jehova. Ba ile ba re: ‘A re haheng motse oo re tla dula ho wona. Re tla haha tora e telele e fihlang lehodimong. Re tla tsejwa ke batho ba bangata.’

Jehova o ne a sa rate ha batho bana ba haha tora yaba o ba thibela ho tswela pele. Na o a tseba hore o entse seo jwang? O ile a etsa hore ba bue dipuo tse sa tshwaneng. Ka lebaka leo, ba ile ba tlohela ho haha hobane ba ne ba se ba sa utlwane. Motse oo ba neng ba o haha o ile wa bitswa Babele, e bolelang “Pherekano.” Batho ba ile ba tloha yaba ba ya dibakeng tse fapaneng. Empa ba nna ba etsa dintho tse mpe le ha ba fihla dibakeng tseo. Na batho ba ratang Jehova ba ne ba ntse ba le teng? Re tla fumana karabo kgaolong e latelang.

“Mang kapa mang ya iphahamisang o tla kokobetswa empa mang kapa mang ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”​—Luka 18:14

Dipotso: Batho ba Babele ba ile ba etsang? Jehova o ile a ba thibela jwang?

Genese 11:​1-9

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela