Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 1 leq. 8
  • Modimo o Entse Lehodimo le Lefatshe

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Modimo o Entse Lehodimo le Lefatshe
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Na Diphoofolo di ya Lehodimong?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Mosebetsi wa Mangeloi ke Ofe?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 1 leq. 8
Serapa sa Edene

THUTO YA 1

Modimo o Entse Lehodimo le Lefatshe

Jehova Modimo ke Mmopi wa rona. O entse dintho tsohle. Tse ding re a di bona empa tse ding ha re di bone. Pele a etsa dintho tseo re di bonang, o ile a etsa mangeloi a mangata. Na o a tseba hore mangeloi keng? Mangeloi ke batho ba tshwanang le Jehova, bao a ba bopileng. Re ke ke ra a bona feela jwalo ka ha re ke ke ra bona Modimo. Lengeloi la pele leo Jehova a le entseng le ile la sebetsa le yena, la mo thusa ho etsa dinaledi, dipolanete le dintho tse ding kaofela. E nngwe ya dipolanete tseo ke lefatshe, e leng lehae la rona le letle.

Jehova o ile a lokisa lefatshe e le hore batho le diphoofolo ba dule ho lona. A etsa hore kganya ya letsatsi e tjhabele lefatsheng mme a etsa dithaba, mawatle le dinoka.

Jehova o ile a etsang ka mora moo? O ile a re: ‘Ke tlo etsa jwang, dimela le difate.’ Yaba ho hlaha ditholwana, meroho le dipalesa tsa mefutafuta. Ka mora moo, Jehova a etsa diphoofolo tse fofang, tse phelang metsing le tse tsamayang fatshe. A etsa tse nyenyane jwalo ka mmutlanyane le tse kgolo jwalo ka tlou. Wena o rata phoofolo efe?

Jwale Jehova a re ho lengeloi la pele: “A re etse motho.” Batho ha ba tshwane le diphoofolo. Ba tseba ho qapa dintho. Ba tseba ho bua, ho tsheha le ho rapela. Ba ka kgona ho hlokomela lefatshe le diphoofolo. Na o a tseba hore motho wa pele ke mang? A re bone.

“Qalong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.”​—Genese 1:1

Dipotso: Jehova Modimo ke mang? Jehova o entseng?

Genese 1:​1-26; Diproverbia 8:​30, 31; Jeremia 10:​12; Bakolose 1:​15-17

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela