THUTO YA 82
Jesu o Ruta Barutuwa ba Hae ho Rapela
Ntho e nngwe le e nngwe eo Bafarisi ba neng ba e etsa, ba ne ba e etsetsa ho kgahlisa batho. Ba ne ba rapela mo ho nang le batho ba bangata hore feela ba ba bone. Bafarisi ba ne ba tshwara dithapelo tse telele ka hlooho ebile ba dula ba di phetapheta ka matlong a thapelo le dikhoneng tsa diterata tsa motse e le hore batho ba ka ba utlwa. Ka hoo, batho ba ne ba maketse ha Jesu Kreste a re ho bona: ‘Le se ke la rapela jwalo ka Bafarisi. Ba nahana hore Modimo o rata ha ba sebedisa mantswe a mangata empa ha ho jwalo. Thapelo ke puisano e dipakeng tsa hao le Jehova. O se ke wa pheta ntho e tshwanang. Jehova o batla o mo bolelle hore na o ikutlwa jwang.
‘Le lokela ho rapela tjena: “Ntate wa rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe. Mmuso wa hao o tle. Thato ya hao e etswe lefatsheng jwalo ka ha e etswa lehodimong.” ’ Jesu o ile a boela a re ba ka rapella dijo tsa letsatsi ka leng, eng kapa eng eo ba ka e hlokang ho Jehova le hore ba tshwarelwe dibe.
Jesu o ile a re: ‘Le se ke la emisa ho rapela. Le tswele pele ho kopa Ntate wa lona Jehova dintho tse molemo. Motswadi e mong le e mong o batla ho fa ngwana wa hae dintho tse molemo. Haeba mora wa hao a kopa bohobe, na o tla mo fa lejwe? Haeba a kopa tlhapi, na o tla mo fa noha?’
Jesu o ile a hlalosa thuto ya sena: ‘Haeba le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, na Ntate wa lona Jehova le yena ha a na ho le fa moya o halalelang? Seo le lokelang ho se etsa ke ho mo kopa ona.’ Na o mamela keletso ya Jesu? Ke dintho dife tseo o di rapellang?
“Le nne le kope, le tla fuwa. Le nne le batle, le tla fumana. Hape le nne le kokote, le tla bulelwa.”—Matheu 7:7