Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 38 leq. 92-leq. 93 ser. 2
  • Jehova o fa Samsone Matla

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Jehova o fa Samsone Matla
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Tshepa Jehova Jwalo ka Samsone
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Kakaretso ya Baahlodi
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 38 leq. 92-leq. 93 ser. 2
Samsone o sutumetsa dipalo tsa tempele ya modimo o bitswang Dagone mme mohaho oo o a wela

THUTO YA 38

Jehova o fa Samsone Matla

Baiseraele ba bangata ba ile ba boela ba rapela medimo ya ditshwantsho, ka hoo Jehova a dumella Bafilista hore ba nke naha ya bona. Empa ho ne ho ntse ho e na le Baiseraele ba ratang Jehova. E mong wa bona e ne e le Manowa. Yena le mosadi wa hae ba ne ba se na bana. Ka letsatsi le leng Jehova a romela lengeloi ho mosadi wa Manowa. La re ho yena: ‘O tla ba le mora ya tla pholosa Baiseraele ho Bafilista. E tla ba Monazari.’ Na o a tseba hore na Banazari ke bomang? Banazari ba ne ba sebeletsa Jehova ka tsela e kgethehileng. Ba ne ba sa dumellwa ho kuta moriri.

Ha nako e ntse e ya, Manowa o ile a ba le mora mme a mo reha Samsone. Ha Samsone a ntse a hola, Jehova o ile a etsa hore a be matla haholo. O ile a bolaya tau ka matsoho a hae. Ka letsatsi le leng, Samsone o ile a bolaya Bafilista ba 30 a le mong. Bafilista ba ne ba sa mo rate, ba dula ba batla ho mo bolaya. Ka le leng, Samsone o ne a robetse Gaza yaba ba mo emela keiting e le hore hoseng ha a feta ba tle ba mo bolaye. Empa a tsoha hara bosiu a ntsha keiti lerakong la motse a tsamaya ka yona. A hlwella thabeng e pela Hebrone a jere keiti eo!

Ha morao Bafilista ba ya ho kgarebe ya hae e leng Delila, yaba ba re: ‘Re tla o patala dikotwana tse sekete tsa silevera ha o ka re fumanela hore na monna enwa o nka matla a hae hokae. Re batla ho mo tshwara re mo kenye teronkong.’ Ka ha Delila o ne a batla tjhelete eo, o ile a dumela. Qalong Samsone o ile a hana ho mo bolella hore na o nka matla a hae hokae. Empa Delila a mo emella ho fihlela a mo bolella. A re ho yena: ‘Ha ke eso kute moriri ka ha ke Monazari. Ha nka o kuta ke tla fellwa ke matla.’ Na o a bona hore na Samsone o ne a entse phoso e kgolo hakaakang ka ho mo bolella?

Yaba Delila o re ho Bafilista: ‘Ke a tseba hore na o nka matla a hae hokae!’ Ka hoo, a robatsa Samsone diropeng tsa hae mme a re motho e mong a mo kute. Delila a hweletsa a re: ‘Samsone Bafilista ke bao!’ Ha Samsone a tsoha, matla a hae a ne a se a fedile. Bafilista ba mo tshwara, ba mo ntsha mahlo yaba ba mo kenya teronkong.

Ka letsatsi le leng, ha Bafilista ba le tempeleng ya modimo wa bona ya bitswang Dagone, ba hweletsa ba re: ‘Modimo wa rona o re file Samsone! Mo ntsheng re bapaleng ka yena.’ Ba mo emisa pela dipalo tse pedi mme ba mo soma. Samsone a hweletsa a re: ‘Jehova, ke kopa o boele o mphe matla.’ Moriri wa Samsone o ne o se o hodile. Yaba o sutumetsa dipalo tseo ka matla a hae kaofela. Mohaho oo wa wela batho kaofela, yaba ba shwa hammoho le Samsone.

“Ke na le matla a ho etsa dintho tsohle ka lebaka la ya mphang matla.”​—Bafilipi 4:13

Dipotso: Samsone o ne a nka matla a hae hokae? Ho ile ha etsahalang ha Samsone a bolella Delila hore na o nka matla a hae hokae?

Baahlodi 13:1–16:31

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela