Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 98 leq. 228-leq. 229 ser. 1
  • Batho ba Ditjhaba Tse Ngata e ba Bakreste

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Ditjhaba Tse Ngata e ba Bakreste
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • “Ho Tlala Thabo le Moya o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • “A Matlafatsa Diphutheho”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 98 leq. 228-leq. 229 ser. 1
Moapostola Pauluse le Barnabase ba ruta mmusi wa Saeprase ya bitswang Sergiase

THUTO YA 98

Batho ba Ditjhaba Tse Ngata e ba Bakreste

Baapostola ba ile ba mamela taelo ya Jesu ya ho ruta batho ditaba tse monate lefatsheng lohle. Ka selemo sa 47, bara ba bo rona ba Antioke ba ile ba romela Pauluse le Barnabase hore ba yo ruta Lentswe la Modimo. Ba ile ba ruta dinaheng tsa Asia Minor tse akarelletsang Derbe, Listra le Ikoniamo.

Pauluse le Barnabase ba ile ba ruta batho bohle, ebang ba baholo kapa ba banyenyane, ke barui kapa mafutsana. Batho ba bangata ba ile ba dumela ho Kreste. Moloi e mong o ile a leka ho thibela Pauluse le Barnabase ha ba ne ba ruta mmusi wa Saeprase ya bitswang Sergiase Pauluse. Pauluse o ile a re ho moloi eo: ‘Jehova o kgahlanong le wena.’ Hanghang moloi eo a foufala. Ha Mmusi Sergiase Pauluse a bona seo, o ile a fetoha Mokreste.

Pauluse le Barnabase ba ne ba ruta hohle, ka ntlo le ntlo, dimmarakeng, ditseleng le disinagogeng. Ha ba le Listra ba ile ba phekola monna ya sa kgoneng ho tsamaya. Ha batho ba bona ketsahalo ena ba nahana hore ke medimo yaba ba leka ho ba rapela. Empa Pauluse le Barnabase ba ba thiba, ba re ho bona: ‘Rapelang Modimo a le mong feela! Rona re batho feela ba tlwaelehileng.’ Yaba Bajuda ba bang ba kgothalletsa batho bana ho lwantsha Pauluse. Ba ile ba mo otla ka majwe, ba mo hulela kantle ho motse yaba ba mo siya moo ba nahana o shwele. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ne a ntse a phela. Kapelepele bara ba bo rona ba ile ba fihla ho tla mo thusa mme ba tsamaya le yena. Ha morao, Pauluse a kgutlela Antioke.

Ha Pauluse a kgutlela Asia Minor ka selemo sa 49, o ile a etela Europe. A ruta batho ditaba tse monate dinaheng tse kang Athene, Efese, Filipi, Thesalonika le tse ding. Leetong lena Pauluse o ile a tsamaya le Silase, Luka le mohlankana Timothea. Ba ile ba sebetsa ha mmoho ho qala diphutheho tse ntjha le ho di matlafatsa tumelong. Pauluse o ile a dula Korinthe selemo le dikgwedi tse tsheletseng a ntse a thusa bana ba bo rona moo. O ne a ruta a bile a ngolla diphutheho tse ngata. Mosebetsi wa hae e ne e le ho etsa ditente. Ha morao a kgutlela Antioke.

Moapostola Pauluse o ruta batho mmarakeng

Ka selemo sa 52, Pauluse o ile a qala leeto la hae la boraro. A qala Asia Minor ho ya Filipi a ba a theohela le Korinthe. Pauluse a dula Efese dilemo tse ngata, a ruta, a fodisa batho a bile a thusa diphutheho. Letsatsi le leng le le leng o ne a fana ka dipuo holong ya sekolo. Batho ba bangata ba ne ba mo mamela mme ba fetola tsela eo ba phelang ka yona. Ka mora ho ruta ditaba tse monate dinaheng tse ngata a ya Jerusalema.

“Ka hona, eyang le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa.”​—Matheu 28:19

Dipotso: Sheba mmapa o Bibeleng ya hao (Phetolelo ya Lefatshe le Letjha, Ntlha ya B13.) Na o bona maeto a Pauluse?

Diketso 13:1–23:35

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela