PINA YA 148
Jehova ke Mopholosi
1. Jehova, o re bontshitse matla a hao.
Dintho tsohle tse teng
di entswe ke wena.
Ha ho modimo ya ka o etsisang,
ha a yo.
O fedisa dira.
(KHORASE)
Jehova o pholosa batho ba hae.
O Matla Ohle, ke Lefika la rona.
Ka sebete le ka tumelo,
re bolela
Ka Jehova ya re pholosang.
Re’a mo rata.
2. Le hara mathata ke tshepile wena.
Ke kopa o nthuse,
A ko mmatlafatse
O be o ntshireletse ka lerato
ka mehla.
O mpholose Ntate.
(KHORASE)
Jehova o pholosa batho ba hae.
O Matla Ohle, ke Lefika la rona.
Ka sebete le ka tumelo,
re bolela
Ka Jehova ya re pholosang.
Re’a mo rata.
3. Lentswe la hao le matla le’a utlwahala.
Dira tsohle tsa hao
di tla thothomela.
Bahlanka ba hao bona ba tla thaba
ka mehla.
Ruri o’a pholosa.
(KHORASE)
Jehova o pholosa batho ba hae.
O Matla Ohle, ke Lefika la rona.
Ka sebete le ka tumelo,
re bolela
Ka Jehova ya re pholosang.
Re’a mo rata.
(Sheba le Pes. 18:1, 2; 144:1, 2.)