Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho Bala Bibele?
    Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela)—2017 | No. 1
    • Mosadi o nka Bibele shelefong ya Dibuka

      SEHLOOHO SE KA NTLE | O KA ETSANG E LE HORE O NATEFELWE KE HO BALA BIBELE

      Ke Hobaneng ha o Lokela ho Bala Bibele?

      “Ke ne ke nahana hore ho tla ba thata ho utlwisisa Bibele.”​—Jovy

      “Ke ne ke nahana hore ho bala Bibele ho tla ntena.”​—Queennie

      “Ha ke bona kamoo Bibele e leng kgolo kateng, ke ile ka tswafa ho e bala.”​—Ezekiel

      Na o kile wa nahana ka ho bala Bibele empa wa nyahama ka lebaka la ho ikutlwa ka tsela e tshwanang? Batho ba bangata ba nyahamela ho bala Bibele. Empa o ne o ka ­ikutlwa jwang haeba o ne o ka tseba hore Bibele e ka o thusa hore o kgotsofale o be thabe? Hape, o ne o ka reng haeba o ka fumana hore ho na le mekgwa e itseng e ka etsang hore ho bala Bibele ho o natefele? Na o ne o ke ke wa ­thabela ho bala Bibele mme o bone hore na e o tshwaretseng?

      A re hlahlobeng hore na batho ba bang ba ile ba fumana molemo jwang ka ho bala Bibele.

      Ezekiel ya dilemo tse ka bang 20, o re: “Qalong ke ne ke ikutlwa jwaloka motho ya kgannang koloi empa a sa tsebe moo a yang. Leha ho le jwalo, Bibele e nthusitse hore ke tsebe hore na ke phelelang. E na le dikeletso tseo nka di sebedisang letsatsi le letsatsi.”

      Frieda eo le yena a leng dilemo tse ka bang 20, wa hlalosa: “Ke ne ke le motho ya manganga. Empa Bibele e ile ea etsa hore ke fetole botho baka. Sena se entse hore batho ba bang ba nthate mme hona jwale ke se ke e na le metswalle e mengata.”

      Mosadi ya bitswang Eunice ya dilemo tse ka bang 50 o re ha a bua ka Bibele: “E nthusa hore ke be motho ya molemo, ke be ke fetole tsela eo ke phelang ka yona.”

      Jwalokaha babadi bao le ba bang ba dimilione ba bolela, ho bala Bibele ho ka o thusa hore o thabele bophelo. (Esaia 48:17, 18) Bibele e ka o thusa hore (1) o etse diqeto tse nepahetseng, (2) o be le metswalle ya nnete, (3) o sebetsane le kgatello ya maikutlo, mme (4) ha bohlokwa le ho feta, o ithute nnete ka Modimo. Bibele e fana ka dikeletso tse tswang ho Modimo, kahoo o tlabe o sa fosa ha o e mamela. Ha ho mohla Modimo a fanang ka keletso e fosahetseng.

      Ke ha bohlokwa hore o qale ho bala Bibele hona jwale. Empa ke mekgwa efe e ka etsang hore ho be bonolo ho e bala le hore o e thabele?

  • O Lokela ho Etsang?
    Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela)—2017 | No. 1
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | O KA ETSANG E LE HORE O NATEFELWE KE HO BALA BIBELE

      O Lokela ho Etsang?

      Mosadi o rapela pele a bala Bibele

      O ka etsang e le hore o natefelwe ke ho bala Bibele le hore o fumane molemo ho yona? Hlokomela dintlha tse latelang tse hlano tse thusitseng ba bangata.

      Kgetha sebaka se loketseng. Balla sebakeng se thotseng. Qoba ditshitiso e le hore o utlwisise seo o se balang haholwanyane. E le hore o fumane molemo ho seo o se balang, dula sebakeng se nang le kganya le moya o phodileng.

      Lokisa kelello ya hao. Kaha Bibele e tswa ho Ntate wa rona wa lehodimo, o tla fumana molemo ho yona haeba o eba jwaloka ngwana ya thabelang ho rutwa ke ntate ya lerato. Haeba o kile wa utlwa dintho tse fosahetseng ka Bibele, leka ho fetola mohopolo wa hao e le hore Jehova a ka o ruta.—Pesaleme ya 25:4.

      Rapela pele o bala. Ka Bibeleng ho ngotswe maikutlo a Jehova, kahoo a ka re thusa hore re e utlwisise. Modimo o fana ka “moya o halalelang . . . ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Moya o halalelang o ka o thusa ho utlwisisa tsela eo Modimo a nahanang ka yona. Ha nako e ntse e ya o tla tseba “dintho tse tebileng tsa Modimo.”​—1 Bakorinthe 2:10.

      Balla ho utlwisisa. O se ke wa tatela ho qeta ho bala Bibele. Nahanisisa ka hloko ka seo o se balang. Ipotse dipotso tse kang: ‘Ke makgabane afe ao ke ithutang ona ho motho eo ke balang ka yena? Nka sebedisa seo ke ithutileng sona jwang bophelong?’

      Eba le sepheo. E le hore ho bala Bibele ho o tswele molemo, ipehele dintho tseo o batlang ho di finyella. O ka nna wa re: ‘Ke batla ho ithuta ho eketsehileng ka Modimo,’ kapa wa re: ‘Ke batla ho ba motho ya molemo, monna kapa mosadi ya molemo.’ Kgetha mangolo a Bibele a tla o thusa ho finyella sepheo seo.a

      Dintlha tsena tse hlano di ka o thusa. Empa ke eng e ka o thusang hore o natefelwe ke ho bala Bibele? Re tla bua ka taba eo sehloohong se latelang.

      a Haeba o sa tsebe hore na o ka fumana mangolo ao hokae ka Bibeleng, Dipaki Tsa Jehova di ka thabela ho o thusa.

      ETSA HORE HO BALA HO O TSWELE MOLEMO

      • Iketle, o se ke wa potlakela ho qeta

      • Tebisa maikutlo ha o bala mme o ipone o le moo

      • Leka ho utlwisisa hore na ditemana di sebetsa jwang

      • Ipotse hore na o ithutang ho seo o se balang

  • O ka Etsang e le Hore o Thabele ho Bala Bibele?
    Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela)—2017 | No. 1
    • Mosadi o sebedisa dithulusi tsa ho ithuta Bibele ha a ntse a e bala

      SEHLOOHO SE KA NTLE | O KA ETSANG E LE HORE O NATEFELWE KE HO BALA BIBELE

      O ka Etsang e le Hore o Thabele ho Bala Bibele?

      O ikutlwa jwang ha o bala Bibele, o a boreha kapa o a natefelwa? Ho itshetlehile ka hore na o e bala jwang. Ha re ke re boneng hore na o ka etsang e le hore o thabele ho bala Bibele.

      Sebedisa phetolelo e bonolo le e utlwahalang. Haeba o sebedisa phetolelo ya kgale, e nang le mantswe a thata, o ka nna wa se ke wa natefelwa ke ho bala Bibele. Kahoo bala Bibele eo ho leng bonolo ho e utlwisisa e le hore e ka o finyella pelo. O lokela ho etsa bonnete ba hore o sebedisa Bibele e fetoletsweng hantle le e nepahetseng.a

      Sebedisa thekenoloji. Mehleng ena Bibele e se e fumaneha le disebedisweng tsa elektronike. O ka ipalla Bibele ithaneteng, wa e downloada khomputheng, tableteng kapa selefounung. Disebediswa tse ding tsa elektronike di ka o thusa ho fumana ditemana tse ding tse buang ka taba eo o ntseng o bala ka yona le ho bapisa le diphetolelo tse ding. Haeba o motho ya ratang ho mamela ho e na le ho bala, o ka nna wa mamela dikgatiso tsa mantswe tse rekotilweng tsa Bibele. Batho ba bangata ba thabela ho mamela ntho e itseng ha ba ntse ba tsamaya ka dipalangwang tsa setjhaba kapa ba etsa mesebetsi ya bona ya letsatsi le letsatsi. Ke hobaneng ha o sa sebedise e nngwe ya ditsela tsee?

      Sebedisa dithulusi tsa ho ithuta Bibele. Dithulusi tsa ho ithuta Bibele di ka etsa hore o natefelwe ke ho e bala. Dimmapa tse bontshang dibaka tse ka Bibeleng di tla o thusa ho bona hore na sebaka seo o ntseng o bala ka sona se hokae. Ho na le dihlooho tse ding tse tshwanang le tse hlahileng makasineng ena, tse ka o thusang ho utlwisisa Bibele kapa o ka boela wa sheba websaeteng ho jw.org/sot tlasa “Dithuto Tsa Bibele.”

      Sebelisa litsela tse ling. Haeba o bona eka ho bala Bibele ho thata, o ka leka mekgwa e meng e tla etsa hore e o natefele. Mohlomong o ka qala ka ho bala karolo eo o e ratang ka ho fetisisa. Haeba o batla ho ithuta ka batho ba tummeng ba ka Bibeleng, o ka kgetha a le mong eo o ka qalang ka yena. Ho entswe mehlala ya kamoo o ka etsang sena kateng lebokoseng le nang le sehlooho se reng “Tseba Batho Bao Bibele e Buang ka Bona.” Ho ka boela ha etsahala hore o batla ho tseba tatellano eo diketsahalo tse ka Bibeleng di etsahetseng ka yona. Ke hobaneng ha o sa leke o mong wa mekgwa ee?

      a Batho ba bangata ba rata Phetolelo ea Lefatshe le Letjha ea Mangolo a Halalelang kaha e nepahetse hape e ngotswe ka tsela e bonolo. Phetolelo ena e hatisitswe ke Dipaki Tsa Jehova, ka dipuo tse fetang 130. O ka boela wa e downloada websaeteng ho jw.org/sot kapa wa downloada JW Library app. Haeba o batla, Dipaki Tsa Jehova di ka o tlisetsa Bibele moo o dulang.

      TSEBA BATHO BAO BIBELE E BUANG KA BONA

      Basadi ba tshepahalang

      Abigaile

      1 Samuele kgaolo ya 25

      Esthere

      Esthere kgaolo ya 2-5, 7-9

      Anna

      1 Samuele kgaolo ya 1-2

      Maria

      (mme wa Jesu) Matheu kgaolo ya 1-2; Luka kgaolo ya 1-2; sheba le Johanne 2:1-12; Liketso 1:12-14; 2:1-4

      Rahaba

      Joshua kgaolo ya 2, 6; sheba le Baheberu 11:30, 31; Jakobo 2:24-26

      Rebeka

      Genese kgaolo ya 24-27

      Sara

      Genese kgaolo ya 17-18, 20-21, 23; sheba le Baheberu 11:11; 1 Petrose 3:1-6

      Banna ba tshepahalang

      Abrahama

      Genese kgaolo ya 11-24; sheba le kgaolo ya 25:1-11

      Davida

      1 Samuele kgaolo ya 16-30; 2 Samuele kgaolo ya 1-24; 1 Marena kgaolo ya 1-2

      Jesu

      Dikosepele tsa Matheu, Mareka, Luka, le Johanne

      Moshe

      Exoda kgaolo ya 2-20, 24, 32-34; Numere kgaolo ya 11-17, 20, 21, 27, 31; Deuteronoma kgaolo ya 34

      Noe

      Genese kgaolo ya 5-9

      Pauluse

      Liketso kgaolo ya 7-9, 13-28

      Petrose

      Matheu kgaolo ya 4, 10, 14, 16-17, 26; Liketso kgaolo ya 1-5, 8-12

      DITHULUSI TSE THUSITSENG BATHO HO UTLWISISA BIBELE

      • JW.ORG​—Websaete ena e na le dintho tse ngata tse akarelletsang karolo ya “Dipotso Tsa Bibele Dia Arajwa.” E boetse e bontsha hore na o ka downloada JW Library app jwang

      • “Bona Naha e Ntle”​—Bukana ena e na le dimmapa le ditshwantsho tse bontshang dibaka tse ka Bibeleng

      • Insight on the Scriptures​—Ke buka e nang le dikarolo tse pedi mme e bua ka batho, dibaka le mantswe a thata a ka Bibeleng, ka tatellano

      • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”​—Buka ena e hlalosa lebaka leo lengolo ka leng le ka Bibeleng le ngotsweng ka lona le hore na le ngotswe neng, le ngollwa hokae mme e boetse e na le kakaretso ya lengolo ka leng

      • Bibele​—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho​—Buka ena e fana ka bopaki bo bontshang hore Bibele ke lentswe la Modimo le buduletsweng

      • Bibele​—E na le Molaetsa Ofe?​—Bukana ena e maqephe a 32 e bua ka kakaretso ya molaetsa wa Bibele

  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?
    Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela)—2017 | No. 1
    • Monna le mosadi ba sebetsa hammoho ka kitjheneng

      SEHLOOHO SE KA NTLE | O KA ETSANG E LE HORE O NATEFELWE KE HO BALA BIBELE

      Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?

      Bibele ha se buka feela tjee. E re fa dikeletso tse tswang ho Mmopi wa rona. (2 Timothea 3:16) Molaetsa wa yona o ka re susumetsa haholo. Ha e le hantle, Bibele e re: “Lentswe la Modimo le a phela mme le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Bibele e na le matla a ho ntlafatsa bophelo ba rona ka ditsela tse pedi. Ya pele, e re fa dikeletso tseo re di hlokang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ya bobedi, e re thusa hore re tsebe Modimo le dintho tseo a re tshepisang tsona.​—1 Timothea 4:8; Jakobo 4:8.

      E ka ntlafatsa bophelo ba hao. Bibele e ka o thusa ho sebetsana le mathata. E fana ka dikeletso tse sebetsang mabapi le dintho tse latelang.

      • Kamano ya hao le ba bang.​—Baefese 4:31, 32; 5:22, 25, 28, 33.

      • Ho laola maikutlo le ho phela hantle mmeleng.​—Pesaleme ya 37:8; Liproverbia 17:22.

      • Boitshwaro.​—1 Bakorinthe 6:9, 10.

      • Ho sebedisa tjhelete.​—Liproverbia 10:4; 28:19; Baefese 4:28.a

      Banyalani ba bang ba batjha dilemong ba dulang Asia, ba ananela tsela eo Bibele e ba thusitseng ka yona. Jwaloka banyalani ba bang ba batjha, le bona ba ile ba thatafallwa ho tlwaela tsela eo e mong a etsang dintho ka yona le hore ba buisane ka bolokolohi. Empa ba ile ba qala ho sebedisa seo ba ithutileng sona Bibeleng. Phello e bile efe? Vicent o re: “Dintho tseo ke ithutileng tsona ka Bibeleng di nthusitse hore ke bontshe lerato ha ke sebetsana le mathata. Ho sebedisa keletso ya Bibele ho re thusitse ho thabela ho phela hammoho.” Mosadi wa hae Annalou, le yena o dumellana le sena. O re: “Ho bala ka mehlala e ka Bibeleng ho re thusitse haholo. Hona jwale ke thabile ebile ke kgotsofetse.”

      Ho tseba Modimo haholwanyane. Vicent o boetse o re: “Ha ke bala Bibele, ke utlwa ke le haufinyane haholo le Jehova.” Sena se re bontsha hore ha re bala Bibele re tla tseba tsela eo Modimo a nahanang ka yona. Haeba o etsa jwalo, o tla rua molemo dikeletsong tsa Modimo mme o tla kgona ho mo etsa motswalle. O tla boela o bone hore Modimo o re tshepisa bokamoso bo monate, e leng nako eo re tla thabela “bophelo ba sebele” ka ho sa feleng. (1 Timothea 6:19) Ruri ha ho buka leha e le efe e ka re tshepisang bokamoso bo monate hakaana!

      Haeba o ntse o tswela pele ho bala Bibele, e tla o thusa hore o ntlafatse tsela eo o phelang ka yona mme o tsebe Modimo le ho feta. Leha ho le jwalo, ho ka etsahala hore ha o ntse o bala Bibele o be le dipotso tse ngata. Haeba seo se etsahala, hopola mohlala wa letona la Moethiopia, le ileng la phela dilemong tse 2 000 tse fetileng. O ne a e na le dipotso tse ngata ka Bibele. Ha a botswa hore na o utlwisisa seo a se balang o ile a re: “Nka tseba jwang ntle leha e mong a ka ntataisa?”b Filipi eo e neng e le molatedi wa Jesu hape a tseba ho ruta, o ile a thusa letona lena ho utlwisisa Bibele. (Liketso 8:30, 31, 34) Haeba le wena o batla ho tseba haholwanyane ka Bibele, kena ho www.pr2711.com/sot kapa o ngolle atereseng e haufi le moo o dulang teng e hlahang makasineng ena. O ka boela wa ikopanya le e mong wa Dipaki Tsa Jehova kapa wa etela Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova e sebakeng sa heno. Ke hobaneng ha o sa qalelle ho bala Bibele hona jwale, e le hore e ntlafatse bophelo ba hao?

      Haeba ha o a kgodiseha hore Bibele e nepahetse, sheba video e reng Re ka Tseba Jwang Hore Bibele e Ruta Nnete? Kena ho www.pr2711.com/sot.

      a E le hore o bone mehlala e meng ya kamoo Bibele e ka re thusang ka teng, kena websaeteng ya rona ho jw.org/ssa. Sheba tlasa DITHUTO TSA BIBELE > DIPOTSO TSA BIBELE DIA ARAJWA.

      b O ka boela wa sheba sehlooho se reng “Ke Hobaneng ha ho le Thata ho Utlwisisa Bibele?”makasineng ena.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela