Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwbq sehlooho 90
  • Na ho a Hlokahala Hore Motho e be Setho sa Bodumedi bo Itseng?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Na ho a Hlokahala Hore Motho e be Setho sa Bodumedi bo Itseng?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Karabo ya Bibele
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 90
Sehlopha sa batho se kopane ha mmoho bakeng sa bodumedi

Na ho a Hlokahala Hore Motho e be Setho sa Bodumedi bo Itseng?

Karabo ya Bibele

E, hobane Modimo o batla hore batho ba be mmoho ha ba rapela. Bibele e re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rona.”​—Baheberu 10:24, 25.

Jesu o ne a bontsha hore balatedi ba hae ba tla ba le mokgatlo o hlophisitsweng ha a re ho bona: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le na le lerato hara lona.” (Johanne 13:35) Balatedi ba Kreste ba ne ba lokela ho bontsha lerato ka hore ba bokane ha mmoho le badumedi mmoho le bona. Ba ne ba tla hlophiswa ka diphutheho mme ba kopane ka mehla bakeng sa borapedi. (1 Bakorinthe 16:19) Ba ne ba tla etsa mokgatlo wa lefatshe lohle wa bara ba motho e le sehlopha.​—1 Petrose 2:​17.

Motho ha a lokela ho ba setho sa bodumedi feela

Le hoja Bibele e re batho ba lokela ho ba mmoho ha ba rapela Modimo, ha e rute hore motho a ka thabisa Modimo ka hore feela e be setho sa bodumedi. E le hore Modimo a amohele bodumedi bo itseng, dithuto tsa bona di lokela ho ama tsela eo ditho tsa bona di phelang ka yona. Ka mohlala, Bibele e re: “Mofuta wa borapedi o hlwekileng le o sa silafalang ponong ya Modimo le Ntate wa rona ke ona: ho hlokomela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba lefatsheng.”​—Jakobo 1:​27.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela