LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbq sehlooho 140
  • Jesu o Pholosa Batho Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o Pholosa Batho Jwang?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Karabo ya Bibele
  • Na ho Dumela ho Jesu ho Lekane Hore Motho a Pholoswe?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 140
Jesu o pota-potilwe ke batho ba merabe yohle

Jesu o Pholosa Batho Jwang?

Karabo ya Bibele

Jesu o ile a pholosa batho ba tshepahalang ha a ne a nehela bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo. (Matheu 20:28) Bibele e re ke “Mopholosi wa lefatshe.” (1 Johanne 4:​14) E boetse e re: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, ka ha ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo leo ho fanweng ka lona hara batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.”​—Liketso 4:12.

Jesu o ile a “latswa lefu bakeng sa motho e mong le e mong” ya bontshang tumelo ho yena. (Baheberu 2:9; Johanne 3:​16) Ka mora moo, “Modimo a mo tsosa bafung,” mme Jesu a kgutlela lehodimong e le sebopuwa sa moya. (Liketso 3:​15) Ka hoo, Jesu “o kgona le ho pholosa ka ho felletseng ba atamelang Modimo ka yena, hobane o phela ka mehla ho ba kopela ka tiyo.”​—Baheberu 7:​25.

Ke hobaneng ha re hloka hore Jesu a re kopele?

Ke hobane kaofela re baetsadibe. (Baroma 3:​23) Sebe se etsa hore ho be le lekgalo dipakeng tsa rona le Modimo mme se lebisa lefung. (Baroma 6:​23) Jesu ke mmuelli wa ba bontshang tumelo sehlabelong sa hae sa thekollo. (1 Johanne 2:1) O ba kopela hore Modimo a utlwe dithapelo tsa bona le hore a ba tshwarele dibe ka sehlabelo sa hae sa thekollo. (Matheu 1:​21; Baroma 8:​34) Modimo o araba dikopo tsena tsa Jesu hobane di etswa tumellanong le thato ya hae. Modimo o rometse Jesu lefatsheng “hore lefatshe le pholoswe ka yena.”​—Johanne 3:17.

Na ho dumela ho Jesu ke yona feela ntho e tla re pholosa?

Tjhe. Le hoja re lokela ho dumela ho Jesu e le hore re pholohe, ho na le dintho tse ngata tseo re lokelang ho di etsa. (Liketso 16:​30, 31) Bibele e re: “Jwalo ka ha mmele o se nang moya o shwele, ka hoo le tumelo e se nang mesebetsi e shwele.” (Jakobo 2:​26) Hore re pholohe, re lokela:

  • Ho ithuta ka Jesu le Ntate wa hae Jehova.​—Johanne 17:3.

  • Ho ba le tumelo ho bona.​—Johanne 12:44; 14:1.

  • Ho bontsha tumelo ka ho mamela ditaelo tsa bona. (Luka 6:​46; 1 Johanne 2:​17) Jesu o ile a re ha se motho e mong le e mong ya mo bitsang “Morena” ya tla pholoha empa ke ya “etsang thato ya Ntate [wa hae] ya mahodimong.”​—Matheu 7:21.

  • Ho bontsha tumelo le ha ho le thata. Jesu o ile a hlakisa sena ha a ne a re: “Ya mameletseng ho isa bofelong ke yena ya tla pholoha.”​—Matheu 24:13.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share