Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwbq sehlooho 168
  • Bibele e Reng ka Batho ba Dulang ha Mmoho Pele ba Nyalana?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Reng ka Batho ba Dulang ha Mmoho Pele ba Nyalana?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Karabo e tswang ka Bibeleng
  • Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho Modimo ho re batho ba nyalane?
  • Na batho ba babedi ba sa nyalanang ba lokela ho dula ha mmoho ho bona hore na ba a tshwanelana?
  • Baratani ba ka etsang hore ba be le lenyalo le atlehileng?
  • Bophelo ba Lenyalo ka Mora Letsatsi la Letjhato
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 168
Mosadi o fa monna senotlolo sa ntlo.

Bibele e Reng ka Batho ba Dulang ha Mmoho Pele ba Nyalana?

Karabo e tswang ka Bibeleng

Bibele e re thato ya Modimo ke hore batho ba “ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Jwalo ka ha Bibele e bontsha, lentswe “bohlola” le akarelletsa bofebe, batho ba bong bo tshwanang ba etsang thobalano le monna le mosadi ba etsang thobalano ba sa nyalana.

  • Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho Modimo hore batho ba nyalane?

  • Na batho ba babedi ba sa nyalanang ba lokela ho dula ha mmoho ho bona hore na ba a tshwanelana?

  • Baratani ba ka etsang hore ba be le lenyalo le atlehileng?

Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho Modimo ho re batho ba nyalane?

  • Modimo ke yena ya qadileng lenyalo. O le qadile ha a ne a kopanya Adama le Eva. (Genese 2:22-24) O ne a sa rera hore monna le mosadi ba dule ha mmoho ba sa nyalana.

  • Modimo o tseba se molemo bakeng sa batho. O entse hore lenyalo e be tlamo ya ka ho sa feleng e tla tswela monna le mosadi molemo le ho sireletsa lelapa la bona. Nahana ka mohlala ona o bonolo. Jwalo ka ha moetsi wa feneshara a fana ka ditaelo tsa hore na o lokela ho kopanya feneshara jwang, ditaelo tsa Modimo le tsona di a bontsha hore na o ka etsang e le hore lelapa la hao le thabe. Melao ya Modimo e tswela batho ba dulang ba e boloka molemo.​—Esaia 48:17, 18.

    Monna o bala ditaelo tsa hore na a kopanye feneshara jwang.

    Moetsi wa feneshara o fana ka ditaelo tsa hore na o lokela ho kopanya feneshara jwang ka tsela e nepahetseng. Ditaelo tsa Modimo le tsona di a bontsha hore na o ka etsang e le hore lelapa la hao le thabe

  • Ho etsa thobalano pele ho lenyalo ho ka ba le ditlamorao tse bohloko. Ka mohlala, ho ka etsa hore motho a ime a sa rera, a be le malwetse mme a ferekane maikutlong.a

  • Modimo o file monna le mosadi bokgoni ba ho etsa bana. Modimo o nka bophelo bo halalela mme bokgoni ba ho etsa bana ke mpho e molemo. Modimo o batla hore re hlomphe mpho eo ka hore re nke lenyalo e le la bohlokwa.​—Baheberu 13:4.

Na batho ba babedi ba sa nyalanang ba lokela ho dula ha mmoho ho bona hore na ba a tshwanelana?

E le hore batho ba atlehe lenyalong, ha ho hlokahale hore ba dule nakwana ha mmoho pele ba nyalana. Ho ena le hoo, baratani ba ka atleha haeba ba ratana ebile ba sebetsa ha mmoho hore ba hlole mathata.b Lenyalo le etsa hore batho ba tshepane.​—Matheu 19:6.

Baratani ba ka etsang hore ba be le lenyalo le atlehileng?

Ha ho na lenyalo le se nang mathata. Le ha ho le jwalo, baratani ba ka atleha lenyalong haeba ba sebedisa keletso ya Bibele. Ba ka etsa dintho tse latelang:

  • Beha ditlhoko tsa molekane wa hao pele ho tsa hao.​—1 Bakorinthe 7:3-5; Bafilipi 2:3, 4.

  • Ratanang mme le hlomphane.​—Baefese 5:25, 33.

  • Kgetha mantswe ha o bua.​—Liproverbia 12:18.

  • Eba le mamello mme o potlakele ho tshwarela.​—Bakolose 3:13, 14.

a Sheba sehlooho se reng “Batjha ba a Botsa . . . Nka Etsang Haeba ke le Tlasa Kgatello ya ho Etsa Thobalano?”

b Sheba sehlooho se reng “Malapa a Atlehileng​—Botshepehi.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela