Bibele e Reng ka Ditattoo?
Karabo ya Bibele
Bibele e bua ka ditattoo ha nngwe feela ho Levitike 19:28, e reng: “Le se ke la iphatsa mmeleng.” Modimo o ile a fa Baiseraele taelo ena e le hore a ba arole ho ditjhaba tse neng di ba potolohile, tseo baahi ba tsona ba neng ba ingola mabitso kapa ba iketsa matshwao a medimo ya bona matlalong. (Deuteronoma 14:2) Le hoja Molao o neng o filwe Baiseraele o sa tlame Bakreste, ho hlokahala hore ba nahanisise ka molaomotheo o tshehetsang molao oo.
Na Mokreste o lokela ho etsa tattoo kapa ho itaka mmeleng?
Ditemana tse latelang tsa Bibele di ka o thusa ho nahana hantle ka taba ena:
“Basadi ba lokela ho ikgabisa ka . . . boitlhompho.” (1 Timothea 2:9, New American Bible) Molaomotheo oo o sebetsa ho banna le basadi. Re lokela ho hlompha maikutlo a batho ba bang mme re se ke ra ipitsetsa mahlo ho sa hlokahale.
Batho ba bang ba sa ntse ba leka ho iphumana hore na ke bomang kapa ba bontsha hore ba ikemetse, ha ba bang bona ba etsa tattoo hore ba bontshe hore ba ka etsa ntho eo ba e ratang mmeleng ya bona. Le ha ho le jwalo, Bibele e phehella Bakreste ka ho re: “Le hlahise mmele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo, e le tshebeletso e halalelang ka matla a lona a ho nahana.” (Baroma 12:1) Sebedisa ‘matla a ho nahana’ ho hlahlobisisa hore na ke hobaneng ha o batla ho etsa tattoo. Haeba ke hobane o lelekisa feshene kapa o batla ho bontsha hore o setho sa mokgatlo o itseng, o lokela ho hopola hore maikutlo a hao e ka nna ya eba a nakwana empa tattoo yona e tla dula e le teng. Ho hlahlobisisa sepheo sa hao ho ka o thusa hore o etse qeto e nepahetseng.—Liproverbia 4:7.
“Ka sebele merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ya lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Hangata batho ba batlang ho etsa tattoo ba etsa qeto e jwalo ka lepotlapotla, empa seo se ka ama kamano ya bona le batho ba bang le ho fumana ha bona mosebetsi. Hape ho etsa tattoo ho turu ebile ho bohloko ho e tlosa. Dipatlisiso ha mmoho le kgwebo e ntseng e hola ya ho tlosa ditattoo di bontsha hore batho ba bangata ba etsang ditattoo ba lakatsa eka ba ka be ba sa di etsa.