PINA YA 52
Re Tla Phelela Modimo
E Hatisitsweng
1. Lefatshe le lehodimo
Le tsohle ho tsona,
Jehova o di bopile,
Di entswe ke yena.
O file tsohle bophelo,
A re tataisa
E le hore re mo rorise
Le ho mo sebeletsa.
2. Jesu o kolobeditswe
Ho sebeletsa Jah.
O ne a tletse ho etsa
Thato ya Jehova.
Ka mora ho kolobetswa,
Ya ba motlotsuwa,
A sebetsa ka botshepehi
Ho etsa thato ya Jah.
3. Re tla ho wena Jehova
Ho o halaletsa.
Re inehela ho wena
Ka dipelo tsohle.
O fane ka Mora wa hao
Hore re pholohe
Mme ha re sa tla iphelela,
Re tla phelela wena.
(Sheba le Mat. 16:24; Mar. 8:34; Luka 9:23.)