LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 3 maq. 6-7
  • Re Bopetswe ho Phela ka ho sa Feleng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re Bopetswe ho Phela ka ho sa Feleng
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BOPAKI BA HORE MODIMO O BATLA HORE RE PHELE KA HO SA FELENG
  • BATHO BA ILENG BA PHELA NAKO E TELELE
  • Modimo o Bopile Monna wa Pele le Mosadi wa Pele
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Ke Hobaneng ha re Tsofala Ebile re Shwa?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • O ka Phela ka ho sa Feleng Lefatsheng
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
  • Ke Hobaneng ha Modimo a ile a Bopa Batho?
    Bibele e re Rutang?
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 3 maq. 6-7
Batho ba tsamaya ka morung mme ba thabetse ho sheba popo

Re Bopetswe Ho Phela Ka Ho Sa Feleng

KE MANG ya sa batleng ho phela nako e telele ebile a thabile? Ako nahane hore na ho ne ho tla ba jwang haeba re ne re phela ka ho sa feleng, re thabile ebile re sa kule! Re ne re tla qeta nako e ngata re e na le batho bao re ba ratang, re ya dibakeng tse fapaneng, re ba bohlale le ho ithuta dintho tse ntjha.

Ke hobaneng ha batho ba batla ho phela ka ho sa feleng? Ke hobane Bibele e re Modimo o re bopelletse re e na le takatso ya ho phela ka ho sa feleng. (Moeklesia 3:11) Bibele e boetse e re “Modimo ke lerato.” (Johanne 4:8) Na ke ho utlwahalang hore ebe Modimo a ka re bopa re e na le takatso ya ho phela ka ho sa feleng empa a tseba hore seo se ke ke sa kgonahala?

Ha hona motho ya batlang ho shwa. Ha e le hantle, Bibele e re lefu ke “sera.” (1 Bakorinthe 15:26) Ho sa tsotellehe hore na re shwa re le banyane kapa re le baholo, empa qetellong kaofela re tlo shwa. Batho ba bangata ba tshaba ho shwa. Na ho na le mohla lefu le tla fediswa? Hona na seo se ka kgoneha?

BOPAKI BA HORE MODIMO O BATLA HORE RE PHELE KA HO SA FELENG

Na o ne o ke ke wa makatswa ke ho tseba hore Modimo o ne a sa batle hore batho ba shwe? Lengolo la Genese le fana ka bopaki ba hore Modimo o ne a batla hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatsheng. Jehova Modimo o bopile lefatshe le e na le ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba e hlokang, e le hore ba phele ba thabile. Ka hoo, o ile a bopa motho wa pele Adama mme a mo beha serapeng sa Edene. Ka mora moo, “Modimo a bona ntho e nngwe le e nngwe eo a e entseng mme, bonang! e ne e le molemo haholo.”​—Genese 1:26, 31.

Modimo o bopile Adama ka setshwantsho sa hae, a phethahetse. (Deuteronoma 32:4) Mosadi wa Adama e leng Eva le yena o ne a phethahetse mmeleng le kelellong. Jehova o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse, mme le laole ditlhapi tsa lewatle le dibopuwa tse fofang tsa mahodimo le sebopuwa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatsheng.”​—Genese 1:28.

Ho ne ho tla nka nako hore Adama le Eva ba tlatse lefatshe ka bana. Eva o ne a tla ba le bana mme le bana ba hae ba be le bana, ho fihlela ba tlala lefatshe feela jwalo ka ha Modimo a ne batla. (Esaia 45:18) Na ke ho utlwahalang hore ebe Jehova o ile a re Adama le Eva ba tlatse lefatshe ka bana, haeba ba ne ba ke ke ba phela nako e telele hore ba bone bana le ditlhoholo tsa bona?

Nahana hape ka mosebetsi oo Jehova a neng a ba file wona wa ho laola diphoofolo. Adama o ne a fuwe mosebetsi wa ho reha diphoofolo mabitso mme seo se ne se tla mo nka nako e telele. (Genese 2:19) Empa e le hore a di laole o ne a tla lokela ho ithuta hore na di itshwara jwang mme a tsebe hore na o lokela ho di hlokomela jwang. Seo se ne se tla mo nka nako e telele ho feta ha a ne a di reha mabitso.

Ka hoo, taelo ya Modimo ya hore ba tlatse lefatshe ka bana mme ba laole diphoofolo, e ne e bontsha hore o ne a bopetse batho hore ba phele nako e telele. Ha e le hantle, Adama o ile a phela nako e telele.

MODIMO O BATLA HORE BATHO BA PHELE KA HO SA FELENG LEFATSHENG LE LETJHA

BATHO BA ILENG BA PHELA NAKO E TELELE

Adama

Adama o phetse dilemo tse 930

Methusela

Methusela o phetse dilemo tse 969

Noe

Noe o phetse dilemo tse 950

Batho ba kajeno

Kajeno re phela dilemo tse 70 ho ya ho tse 80

Bibele e bontsha hore batho ba pele ba ne ba phela nako e telele ho feta eo rona re e phelang kajeno. E re: ‘Matsatsi ohle ao Adama a a phetseng e bile dilemo tse 930.’ E boetse e re bolella ka batho ba bang ba 6 ba ileng ba phela dilemo tse ka hodimo ho 900! E ne e le Setha, Enoshe, Kenane, Jarede, Methusela le Noe. Kaofela ha bona ba phetse pele ho Morwallo wa mehleng ya Noe mme Noe yena o phetse dilemo tse 600 pele ho Morwallo. (Genese 5:5-27; 7:6; 9:29) Ke hobaneng ha ba ne ba kgona ho phela nako e telele?

Banna bao ba phetse haufi le nako eo batho ba neng ba phethahetse ba phela ka yona. Ke ka hoo, ba ileng ba kgona ho phela nako e telele. Ke jwang ho phethahala ho ka etsang hore re phele nako e telele? Lefu le tla fediswa jwang? E le hore re fumane dikarabo, re lokela pele ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha re tsofala ebile re shwa.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share