KGAOLO YA 6
Bophelo bo Bile Teng Jwang?
“Etswe mohlodi wa bophelo o ho [Modimo].” (Pesaleme ya 36:9) Na o dumela mantswe aa? Batho ba bang ba nahana hore bophelo bo itlhahetse feela tjena, ha ho na Mmopi. Haeba taba eo ke nnete, ho bolela hore kaofela re bile teng ka tshohanyetso. Empa haeba Jehova Modimo ke yena ya bopileng dintho, e tlameha ebe o ne a tseba hore na o ne a di bopelang, na ha ho jwalo?a A re ke re hlahlobe tlaleho ya Bibele e buang ka hore na bophelo bo qadile jwang mme re bone hore na ke hobaneng ha e le ntho e utlwahalang ho e dumela.
1. Lefatshe le dinaledi di bile teng jwang?
Bibele e re: “Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.” (Genese 1:1) Ditsebi tse ngata di dumela hore ho na le moo ntho e nngwe le e nngwe e qadileng teng. Ebe Modimo o bopile dintho tsohle jwang? O ile a sebedisa matla a hae, e leng moya o halalelang ho bopa ntho e nngwe le e nngwe, ho akarelletsa dihlopha tsa dinaledi, dinaledi le dipolanete.—Genese 1:2.
2. Ke hobaneng ha Modimo a ile a bopa lefatshe?
Jehova ha a ka a ‘bopela lefatshe lefeela, empa o le etseditse hore le be le baahi.’ (Esaia 45:18) O entse hore lefatshe e be sebaka se setle seo re ka thabelang ho phela ho sona ka ho sa feleng. (Bala Esaia 40:28; 42:5.) Ditsebi di re lefatshe ke sebaka se ikgethang se fapaneng hole le dipolanete tse ding. Lefatshe ke yona feela polanete e fumanweng eo batho ba ka kgonang ho phela ho yona.
3. Keng e etsang hore batho ba fapane le diphoofolo?
Ka mora hore Jehova Modimo a bope lefatshe, o ile a bopa dintho tsohle tse phelang ho lona. O qadile ka ho bopa dimela le diphoofolo tse ngata. Ka mora moo, “Modimo a bopa motho ka setshwantsho sa hae.” (Bala Genese 1:27.) Batho ba fapane le diphoofolo hobane ba bopilwe ka setshwantsho sa Modimo, e leng hore ba kgona ho ba le makgabane a tshwanang le a hae, jwalo ka lerato le toka. O boetse o bopile batho ba na le bokgoni ba ho ithuta dipuo, ho bona dintho tse ntle le ho thabela mmino. Hape, ho fapana le diphoofolo tse ding tsohle, batho ba kgona ho rorisa Mmopi wa bona.
ITHUTE DINTLHA TSE DING
Hlahloba bopaki bo bontshang hore dintho tsohle di bopilwe le hore tlaleho ya Bibele e buang ka popo e nepahetse. Ithute hore na makgabane ao batho ba nang le ona a re rutang ka Modimo.
4. Dintho tsohle di bopilwe
Batho ba a roriswa ha ba entse dintho tse itseng tseo ba di kopiditseng dinthong tsa tlhaho. Jwale ke mang ya lokelang ho roriswa ka ho etsa dintho tseo tsa tlhaho? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso ena e latelang.
Ke dintho dife tseo batho ba di entseng, tseo ba di kopiditseng popong?
Ntlo e nngwe le e nngwe ho na le motho ya entseng polane ya yona le ho e haha. Empa ke mang ya entseng polane ya dintho tsa tlhaho le ho di bopa? Bala Baheberu 3:4 ebe le araba dipotso tse latelang:
Ke dintho dife tsa popo tse o kgahlang haholo?
Na ke ntho e utlwahalang ho dumela hore dintho tsohle tse lefatsheng le sepakapakeng di bopilwe? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?
Na o ne o tseba?
O ka fumana dihlooho tse buang ka popo ho jw.org/st-za karolong ya “Na e Entswe?” le ya “Dintlha tsa Qaleho ya Bophelo.”
“Ka ho hlakileng, ntlo e nngwe le e nngwe e hahwa ke motho ya itseng, empa ya hahileng dintho tsohle ke Modimo”
5. Seo Bibele e se buang ka popo se nepahetse
Ho Genese kgaolo ya 1, Bibele e hlalosa hore na lefatshe le bile teng jwang le dintho tsohle tse ho lona. Na o ka tshepa tlaleho ee, kapa ke tshomo feela? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tsena.
Na Bibele e ruta hore lefatshe le dintho tsohle tse ho lona di ile tsa boptjwa ka matsatsi a tsheletseng a dihora tse 24 letsatsi ka leng?
Na o nahana hore seo Bibele e se buang ka popo se a utlwahala ebile se nepahetse? Haeba o re e, kapa o re tjhe, fana ka mabaka.
Bala Genese 1:1 ebe le buisana ka potso ena:
Ditsebi di ruta hore dintho tsohle ho na le moo di qadileng teng. Taba eo e tshwana jwang le mantswe ao o qetang ho a bala ka Bibeleng?
Batho ba bang ba nka hore mohlomong Modimo o ile a bopa dintho tse nyenyane yaba tsona di a iphetola. Bala Genese 1:21, 25, 27 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:
Na Bibele e ruta hore Modimo o ile a bopa ntho e itseng e nyenyane yaba ntho eo e a iphetola hore e be tlhapi, phoofolo kapa motho? Kapa na o ile a bopa mefuta yohle ya dintho tse phelang?b
6. Modimo o bopile batho ka tsela e ikgethang
Re fapane hole le diphoofolo tsohle tseo Jehova a di bopileng. Bala Genese 1:26 ebe le buisana ka potso ena:
Ka ha re bopilwe ka setshwantsho sa Modimo, taba ya hore re kgona ho rata le ho utlwelana bohloko e paka eng ka Modimo?
BATHO BA BANG BA RE: “Tlaleho ya Bibele e buang ka popo ke tshomo feela.”
Wena o nahana jwang? Ke hobaneng ha o nahana jwalo?
KAKARETSO
Jehova o bopile ntho e nngwe le e nngwe e lehodimong le e lefatsheng.
Re Ithutileng?
Bibele e ruta hore bokahohle bo bile teng jwang?
Na Modimo o ile a etsa hore dintho tsohle tse phelang di iphetole ho tloha nthong e itseng e nyenyane, kapa o di bopile kaofela?
Keng e ikgethang ka batho?
BATLA
Sheba mehlala ya dintho tse bopilweng tse pakang hore Mmopi o teng.
Bona hore na ntate o hlalosetsa mora wa hae jwang seo Bibele e se buang ka popo.
Ithute hore na thuto ya ho iphetola ha dintho e dumellana le Bibele.
Sheba hore na masapo a epollotsweng kapa diphuputso tsa borasaense di bontsha hore dintho di bopilwe kapa di ikentse.
a Kgaolong ya 25 re tla buisana ka hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a bopa batho.
b Ka Bibeleng, lentswe “mefuta” le ka hlalosa dintho tse ngata mme le hlalosa dihlopha tsohle tsa dintho tse phelang.