Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Ananela Mpho ya Bophelo
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 5. Nka bophelo ba ngwana ya eso hlahe bo le bohlokwa

      Mme wa moimana o tshwere mpa ya hae.

      Thothokisong e nngwe, Davida o ile a bua ka tsela eo Jehova a thahasellang ntho e nngwe le e nngwe e etsahalang ka lesea le eso ka le hlaha. Bala Pesaleme ya 139:13-17 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ho ya ka Jehova, na bophelo ba motho bo qala ha a emolwa kapa ha a tswalwa?

      Molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele o ne o sireletsa bo mme le bana ba bona ba eso hlahe. Bala Exoda 21:22, 23 ebe le buisana ka dipotso tsena:

      • Jehova o ne a ikutlwa jwang ka motho ya bolayang ngwana ya eso hlahe ka phoso?

      • O ne a ka ikutlwa jwang haeba motho a ne a ka bolaya ngwana ya eso tswalwe ka boomo?b

      • O ikutlwa jwang ka tsela eo Jehova a nkang bophelo ba ngwana ya eso tswalwe ka yona?

      Bapala VIDEO.

      VIDEO: Nka Bophelo e le ba Bohlokwa Jwalo ka Jehova (5:00)

      Ho ka etsahala hore le mme ya nkang bophelo e le ba bohlokwa a nke ho ntsha mpa e le yona feela tharollo. Bala Esaia 41:10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

      • mme ya utlwang a hloka ho ntsha mpa o lokela ho kopa thuso ho mang? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

  • Ananela Mpho ya Bophelo
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • b Batho ba kileng ba ntsha mpa ha ba a lokela ho ikutlwa ba le molato ho feta tekano. Jehova a ka ba tshwarela. E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka taba ena, sheba sehlooho se reng “Bibele e Reng ka ho Ntsha Mpa?” se hlahang karolong ya Batla ya kgaolo ena.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela