-
O ka ba Motswalle wa JehovaO ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KGAOLO YA 8
O ka ba Motswalle wa Jehova
Ke hobaneng ha Jehova a batla hore o mo tsebe haholwanyane? Jehova o tshepa hore ha o ntse o ithuta makgabane a hae, merero ya hae le melao ya hae o tla thabela ho ba motswalle wa hae. Na ho ka kgoneha hore motho e be motswalle wa Modimo? (Bala Pesaleme ya 25:14.) O ka etsang hore o be motswalle wa Jehova? Bibele e araba dipotso tsena, ebile e bontsha hore na ke hobaneng ha ho ba motswalle wa Jehova e le ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.
1. Jehova o batla hore o etseng?
“Atamelang ho Modimo mme o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) Mantswe aa a bolelang? Jehova o batla hore o be motswalle wa hae. Batho ba bang ba ka nna ba thatafallwa ho ipona e se e le metswalle ya Modimo ka ha ha ba mo bone. Empa ka Bibeleng, Jehova o hlalositse ntho e nngwe le e nngwe eo re lokelang ho e tseba ka yena e le hore re be metswalle ya hae. Ha re bala Bibele re matlafatsa setswalle sa rona le Jehova le hoja re eso mo bone.
2. Ke hobaneng ha Jehova e le Motswalle wa bohlokwa ka ho fetisisa eo o ka bang le yena?
Ha ho na motho ya o ratang ho feta Jehova. O batla hore o thabe le hore o phutholohe ho bua le yena neng le neng ha o hloka thuso. O ka ‘lahlela matshwenyeho ohle a hao ho yena, hobane o a o tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Jehova o dula a ikemiseditse ho tshehetsa metswalle ya hae, ho e tshedisa le ho e mamela.—Bala Pesaleme ya 94:18, 19.
3. Jehova o batla hore o etseng e le hore o ka ba motswalle wa hae?
Jehova o rata batho bohle, “empa o na le kamano e haufiufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:32) Ka hoo, o batla hore metswalle ya hae e leke ka hohle ho etsa dintho tseo a di nkang e le tse lokileng mme e qobe ho etsa dintho tseo a di nkang e le tse fosahetseng. Batho ba bang ba nka hore ba ke ke ba kgona ho etsa dintho tsohle tseo Modimo a reng di lokile le ho qoba dintho tsohle tseo a reng di fosahetse. Le ha ho le jwalo, Jehova ke Modimo ya nahanelang. O amohela motho e mong le e mong ya mo ratang e le kannete mme a leka ka hohle ho mo kgahlisa.—Pesaleme ya 147:11; Liketso 10:34, 35.
ITHUTE DINTLHA TSE DING
Ithute dintlha tse ding mabapi le hore na o ka etsang e le hore o be motswalle wa Modimo le hore na ke hobaneng ha Modimo e le Motswalle wa bohlokwa ka ho fetisisa eo o ka bang le yena.
4. Abrahama e ne e le motswalle wa Jehova
Tlaleho ya Bibele e buang ka Abrahama (eo hape a bitswang Abrame) e re thusa ho utlwisisa hore na ho ba motswalle wa Modimo ho bolelang. Bala ka Abrahama ho Genese 12:1-4 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Jehova o ile a re Abrahama a etseng?
Jehova o ile a mo tshepisang?
Abrahama o ile a etsang?
5. Dintho tseo Jehova a di lebelletseng ho metswalle ya hae
Hangata ho na le dintho tseo re di lebellang ho metswalle ya rona.
Tse ding tsa dintho tseo o di lebellang ho metswalle ya hao ke dife?
Bala 1 Johanne 5:3 ebe le buisana ka potso ena:
Jehova o lebelletseng ho metswalle ya hae?
Re ka nna ra tlameha ho fetola tsela eo re itshwarang ka yona e le hore re tle re mamele Jehova. Bala Esaia 48:17, 18 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobaneng ha Jehova a batla hore metswalle ya hae e etse diphetoho?
Motswalle wa sebele o re hopotsa dintho tse ka re sireletsang le tse ka re tswelang molemo. Jehova o etsa se tshwanang ho metswalle ya hae
6. Ditsela tseo Jehova a thusang metswalle ya hae ka tsona
Jehova o thusa metswalle ya hae ho mamella mathata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Jehova o ile a thusa mme ya videong ee jwang hore a sebetsane le bothata ba hae ba ho ikutlwa a se na thuso?
Bala Esaia 41:10, 13 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Jehova o tshepisa hore o tla etsetsa metswalle yohle ya hae eng?
Na o ne o ka rata hore Jehova e be Motswalle wa hao? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?
Metswalle ya sebele e a o thusa ha o hloka thuso. Jehova o tla o thusa le wena
7. Re lokela ho bua le Jehova re be re mo mamele e le hore re be metswalle ya hae
Puisano e matlafatsa setswalle. Bala Pesaleme ya 86:6, 11 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Re ka buisana le Jehova jwang?
Jehova o bua le rona ka tsela efe?
Re bua le Jehova ha re rapela, yena o bua le rona ka Bibele
BATHO BA BANG BA RE: “Re ke ke ra kgona ho ba metswalle ya Modimo.”
O ka sebedisa Lengolo lefe ho bontsha hore re ka ba metswalle ya Jehova?
KAKARETSO
Jehova o batla ho ba Motswalle wa hao mme a ka o thusa hore o mo tsebe.
Re Ithutileng?
Jehova o thusa metswalle ya hae ka ditsela dife?
Ke hobaneng ha Jehova a bolella metswalle ya hae hore e etse diphetoho?
Na o nahana hore ho thata ho ba motswalle wa Jehova? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?
BATLA
Ho ba motswalle wa Modimo ho ka fetola bophelo ba hao jwang?
“Jehova—Modimo eo e Leng ha Bohlokwa ho mo Tseba” (Molula-Qhooa, February 15, 2003)
Ithute hore na o ka ba motswalle wa Jehova jwang.
Utlwa hore na ke hobaneng ha mme e mong a nka hore ho ba motswalle wa Jehova ho pholositse bophelo ba hae.
“Ke ne ke sa Batle ho Shwa!” (Tora ya ho Lebela, No. 1 2017)
Mamela hore na batjha ba bang ba ikutlwa jwang ka Jehova.
-
-
Ho Kolobetswa ke Qeto e Molemo eo o ka e EtsangO ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
6. Ha re kolobetswa re ba karolo ya lelapa la Jehova
Ha re kolobetswa re ba karolo ya lelapa le momahaneng lefatsheng lohle. Le hoja re tswa dibakeng le ditsong tse sa tshwaneng, kaofela ha rona re dumela ntho e tshwanang mme re phela ka melao e tshwanang. Bala Pesaleme ya 25:14 le 1 Petrose 2:17 ebe le buisana ka potso e latelang:
Kolobetso e ama setswalle sa rona le Jehova le setswalle sa rona le batho ba mo sebeletsang jwang?
-
-
Modimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Jwang?O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
2. Ke jwang re ka dulang re thabile hona jwale?
Jehova o re bopile re na le tlhoko ya ho batla ho tataiswa ke yena, ke ka hoo re batlang ho mo tseba le ho mo sebeletsa. (Bala Matheu 5:3-6.) O batla hore re be metswalle ya hae, re “tsamaye ditseleng tsohle tsa hae le ho mo rata” mme re mo sebeletse ka ‘dipelo tsohle tsa rona.’ (Deuteronoma 10:12; Pesaleme ya 25:14) Haeba re etsa jwalo, re tla thaba le hoja re na le mathata. Ha re sebeletsa Jehova, re a thaba hobane re phela ka tsela eo a e batlang.
-