LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Keng e Tla o Thusa Hore o Tswele Pele o Ithuta Bibele?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Kgaolo ya 12. Mme le bana ba hae ba ithuta Bibele le Mme e mong wa Paki ya Jehova.

      KGAOLO YA 12

      Keng e Tla o Thusa Hore o Tswele Pele o Ithuta Bibele?

      Ho ithuta Bibele ho molemo haholo, empa ha se ka mehla ho leng bonolo. Ka dinako tse ding, o ka nna wa ipotsa hore na o tla kgona ho tswela pele o ntse o ithuta Bibele. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho etsa boiteko ba hore o tswele pele o ithuta Bibele? Keng e tla o thusa hore o mamelle ho sa tsotellehe mathata ao o ka bang le ona?

      1. Ke hobaneng ha ho ithuta Bibele e le ntho ya bohlokwa?

      “Lentswe la Modimo le a phela mme le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Bibele ke ya bohlokwa hobane e re bolella menahano ya Modimo le tsela eo a ikutlwang ka yona ka wena. E tla o thusa hore o be le tsebo, o be bohlale hape o be le tshepo. Ha bohlokwa le ho feta, Bibele e o thusa hore o be motswalle wa Jehova. Ha o ithuta Bibele, o e dumella hore e fetole bophelo ba hao.

      2. Ke hobaneng ha re lokela ho nka nnete ya Bibele e le ya bohlokwa?

      Nnete e ka Bibeleng e tshwana le matlotlo a bohlokwa. Ke ka hoo Bibele e re kgothalletsang hore re ‘reke nnete mme re se ke ra e rekisa.’ (Liproverbia 23:23) Ha re tseba bohlokwa ba nnete ya Bibele, re leka ka thata ho dula re ithuta yona le haeba ho ka ba le dintho tse re sitisang.​—Bala Liproverbia 2:4, 5.

      3. Jehova a ka o thusa jwang hore o dule o ntse o ithuta?

      Ka ha Jehova ke Mmopi ya Matla Ohle le Motswalle, o batla ho o thusa hore o ithute ka yena. A ka etsa hore o rate seo o ithutang sona le hore o se sebedise. (Bala Bafilipi 2:13.) Ka hoo, o tla o thusa haeba ka dinako tse ding o hloka matla a hore o tswele pele o ithuta kapa o sebedisa seo o ithutang sona. Haeba o hloka matla a eketsehileng e le hore o sebetsane le mathata kapa ditshitiso, o tla kgona ho o thusa. Ka mehla o rapele Jehova o mo kope hore a o thuse hore o tswele pele o ithuta Bibele.​—1 Bathesalonika 5:17.

      ITHUTE DINTLHA TSE DING

      Ithute hore na o ka tswela pele o ithuta Bibele jwang ho sa tsotellehe hore na o phathahane hakae kapa batho ba bang ba o hanyetsa. Jwale nahana ka hore na Jehova o tla o thusa jwang hore o mamelle.

      4. Etsa hore thuto ya Bibele e be ya bohlokwa ho wena

      Ka dinako tse ding ho ba le dintho tse ngata tseo re di etsang hoo re bonang eka ha re na nako e lekaneng ya ho ithuta Bibele. Keng e ka o thusang? Bala Bafilipi 1:10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

      • O nahana hore tse ding tsa “dintho tsa bohlokwa haholo” bophelong ke dife?

      • O ka etsang e le hore thuto ya Bibele e be ya bohlokwa ho wena?

      A. Ditshwantsho: Diketsahalo tse bontshang ha ho tshelwa lehlabathe le majwe ka emereng. 1. Qubu ya lehlabathe le qubu ya majwe. 2. Emere e batlileng e tlala lehlabathe. 3. Majwe a maholo a hodima lehlabathe le a wetseng fatshe. B. Ditshwantsho: 1. Qubu ya lehlabathe le qubu ya majwe. 2. Emere e batlileng e tlala majwe. 3. Lehlabathe le keneng dipakeng tsa majwe a maholo mme le tlatsitse emere. Qubu e nyane ya lehlabathe e wetse ka ntle ho emere.
      1. Haeba o tlatsa emere ka lehlabathe ebe o leka ho tshela majwe, a ke ke a fella ka moo

      2. Haeba o tshela majwe pele, o tla fumana sebaka sa ho tshela lehlabathe. Ka tsela e tshwanang, haeba o etsa “dintho tsa bohlokwa haholo” pele bophelong ba hao, o tla kgona ho di finyella le ho ba le nako ya ho etsa dintho tse ding

      Ho ithuta Bibele ho kgotsofatsa tlhoko ya rona ya moya, e leng ho batla ho tseba le ho sebeletsa Modimo. Bala Matheu 5:3 ebe le buisana ka potso ena:

      • Re fumana molemo ofe ha re etsa hore thuto ya rona ya Bibele e be ntho ya bohlokwa bophelong ba rona?

      5. Mamella ha o hanyetswa

      Ka dinako tse ding, batho ba bang ba ka nna ba o nyahamisa hore o se ke wa ithuta Bibele. A re boneng mohlala wa ntate Francesco. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

      VIDEO: Ho Putswa ka Lebaka la ho Mamella (5:22)

      Karolo ya video ya ‘Ho Putswa ka Lebaka la ho Mamella,’ e bontshang ha ntate Francesco a tsamaya ka mora ho bolella metswalle ya hae hore ha a sa tla hlola eba motswalle wa bona.
      • Videong ee, metswalle ya ntate Francesco le ba lelapa la hae ba ile ba etsang ha ba utlwa hore o se a ithuta Bibele?

      • Ho mamella ho ile ha mo tswela molemo jwang?

      Bala 2 Timothea 2:24, 25 ebe le buisana ka dipotso tsena:

      • Lelapa la hao le metswalle ya hao e ikutlwa jwang ha o ithuta Bibele?

      • Ho latela ditemana tsee, o lokela ho etsang haeba motho e mong a sa thabele taba ya hore o ithuta Bibele? Hobaneng?

      6. Tshepa hore Jehova o tla o thusa

      Ha re ntse re ithuta ka Jehova, re batla ho etsa dintho tse tla mo thabisa. Le ha ho le jwalo, ho ka ba thata hore re etse diphetoho bophelong ba rona e le hore re phele ka tsela eo Jehova a batlang hore re phele ka yona. Haeba o na le hore o ikutlwe ka tsela eo, o se ke wa nyahama. Jehova o tla o thusa. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

      VIDEO: Jehova o re Thusa ho Etsa Diphetoho (3:56)

      • Videong ee, ke diphetoho dife tseo ntate Jim a ileng a di etsa e le hore a thabise Jehova?

      • Ke eng e o kgahlileng mohlaleng wa hae?

      Bala Baheberu 11:6 ebe le buisana ka dipotso tsena:

      • Jehova o tla etsang bakeng sa batho ba “mo batlang ka tiyo,” e leng ba lekang ka thata hore ba mo tsebe le ho mo thabisa?

      • See se o bolellang ka tsela eo Jehova a ikutlwang ka yona ha a bona boiteko ba hao ba ho ithuta Bibele?

      MOTHO A KA NNA A RE: “Ke hobaneng ha o ithuta Bibele?”

      • O tla mo araba jwang?

      KAKARETSO

      Le hoja e se ka mehla ho leng bonolo, ho ithuta Bibele ho ka o thusa hore o thabele bophelo ka ho sa feleng. Tswela pele ho tshepa Jehova mme o tla o hlohonolofatsa.

      Re Ithutileng?

      • Ke hobaneng ha nnete ya Bibele e le bohlokwa ho wena?

      • O ka “nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo” jwang?

      • Ke hobaneng ha o lokela ho kopa Jehova hore a o thuse hore o tswele pele o ithuta Bibele?

      Seo o ka se Etsang

      BATLA

      Hlokomela dintho tse nne tse thusitseng batho ba bangata ho sebedisa nako ya bona ha molemo.

      “Ka Moo o ka Sebedisang Nako ya Hao ka Bohlale” (Tsoha!, February 2014)

      Hlokomela ka moo Jehova a thusitseng mme e mong eo monna wa hae a neng a sa utlwisise boiteko ba hae ba ho batla ho thabisa Jehova.

      Jehova o re Thusa ho Mamella Mathata a Rona (5:05)

      Bona ka moo ntate e mong a ileng a fetoha ka teng ka lebaka la ho mamella ha mosadi wa hae.

      Ke ne ke Batlana le Diphoso Dithutong Tsa Dipaki (6:30)

      Ka dinako tse ding Dipaki Tsa Jehova di etselletswa ka hore di qhala malapa. Empa na seo ke nnete?

      “Na Dipaki Tsa Jehova di Qhala Malapa Kapa di a a Momahanya?” (Sehlooho se websaeteng)

  • Re ka Thuswa Keng ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Kgaolo ya 35. Ntate o shebile dikoloi inthaneteng mme mosadi le bana ba hae ba shebile.

      KGAOLO YA 35

      Re ka Thuswa Keng ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng?

      Kaofela re lokela ho etsa diqeto mme boholo ba diqeto tseo re di etsang di ka re ama hape tsa ama setswalle sa rona le Jehova. Ka mohlala, re ka nna ra tlameha ho etsa qeto ya hore na re tla dula hokae, re tla iphedisa jwang le hore na re tla kena lenyalong kapa tjhe. Ha re etsa diqeto tse nepahetseng, re tla thaba bophelong re be re thabise Jehova.

      1. Bibele e ka o thusa jwang ho etsa diqeto tse nepahetseng?

      Pele o etsa qeto, rapela Jehova hore a o thuse ebe o bala Bibele ho bona hore na Jehova o ikutlwa jwang ka taba eo. (Bala Liproverbia 2:3-6.) Ka dinako tse ding Jehova o fana ka taelo e tobileng. Ka hoo, ha o mamela taelo eo, o tla be o etsa qeto e nepahetseng.

      O ka etsang moo Bibele e sa fanang ka taelo e tobileng? Jehova o tla o tataisetsa “tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona.” (Esaia 48:17) O tla o tataisa jwang? Ho ka ba le melaomotheo e o tataisang. Melaomotheo ke dithuto tse re senolelang hore na Jehova o nahana jwang le hore na o ikutlwa jwang. Hangata re a bona hore na Jehova o ikutlwa jwang ha re bala tlaleho e itseng ka Bibeleng. Ha re bona hore na Jehova o ikutlwa jwang, re ka etsa diqeto tse mo thabisang.

      2. Re lokela ho nahana ka dintho dife pele re etsa diqeto?

      Bibele e re: “Ya masene o nahana ka mehato ya hae.” (Liproverbia 14:15) Sena se bolela hore pele re etsa qeto, re lokela hore re inahane hantle. Ha o ntse o nahana ka diqeto tseo o ka di nkang, ipotse: ‘Ke molaomotheo ofe o ka nthusang? Ke qeto efe eo etlare ha ke qeta ho e etsa ebe ha ke tshwenyehe? Qeto ya ka e tla ama batho ba bang jwang? Potso ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore na e tla thabisa Jehova?’​—Deuteronoma 32:29.

      Jehova o na le tokelo ya ho re jwetsa hore na keng e nepahetseng le hore na keng e fosahetseng. Re ka kwetlisa matswalo a rona ka hore re ithute melao le melaomotheo ya Bibele hantle le hore re ikemisetse ho e latela. Letswalo ke boikutlo bo re bolellang hore na ntho e nepahetse kapa e fosahetse. (Baroma 2:14, 15) Letswalo le kwetlisitsweng le tla re thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng.

      ITHUTE DINTLHA TSE DING

      Ithute hore na melaomotheo ya Bibele le letswalo di bohlokwa hakae ha re etsa diqeto.

      3. Batla tataiso ka Bibeleng

      Melaomotheo ya Bibele e ka o thusa jwang ha o etsa diqeto? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

      VIDEO: Tataiswa ke Melaomotheo ya Bibele (5:54)

      • Jehova o re file mpho efe ya bohlokwa?

      • Ke hobaneng ha Jehova a re file bokgoni ba ho iketsetsa diqeto?

      • Jehova o re file eng e tla re thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng?

      Bala Baefese 5:15, 16 e le hore o bone mohlala wa o mong wa melaomotheo ya Bibele. Ka mora moo, buisanang ka hore na ke jwang re ka ‘ithekelang nako’ . . .

      • ya ho bala Bibele ka mehla.

      • ya ho ba molekane, motswadi, mora kapa moradi ya molemo.

      • ya ho ba teng dibokeng.

      4. Kwetlisa letswalo la hao e le hore o etse diqeto tse nepahetseng

      Ho ka bonahala ho le bonolo ho etsa qeto e nepahetseng moo Bibele e fanang ka taelo e tobileng. Re lokela ho etsang ha ho se na taelo e tobileng? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

      VIDEO: “Eba le Letswalo le Letle” (5:13)

      • Videong ee, moradiwabo rona o entseng e le hore a kwetlise letswalo la hae le hore a etse diqeto tse kgahlisang Jehova?

      Ke hobaneng ha re sa lokela ho kopa batho ba bang hore ba re etsetse diqeto? Bala Baheberu 5:14 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

      • Le hoja ka dinako tse ding ho ka bonahala ho le bonolo ho kopa batho ba bang hore ba re etsetse diqeto, keng eo re lokelang ho tseba ho e kgetholla ka borona?

      • Keng eo re nang le yona e ka re thusang ho kwetlisa matswalo a rona e le hore re etse diqeto tse nepahetseng?

      Motho o kganna koloi. O butse mmapa founung ya hae e le hore a tsamaye tseleng e nepahetseng.

      Letswalo le tshwana le mmapa ka ha le a re tataisa diqetong tseo re lokelang ho di nka bophelong

      5. Hlompha matswalo a batho ba bang

      Ka ha batho ha ba tshwane, ba etsa diqeto tse fapaneng. Re ka etsang ho bontsha hore re hlompha matswalo a batho ba bang? Hlokomela maemo ana a mabedi:

      Boemo ba pele: Moradiwabo rona e mong ya ratang ho itlotsa ka makeup o fallela phuthehong eo baradibabo rona ba moo ba tshwenyehang ha ba bona motho a o sebedisa.

      Bala Baroma 15:1 le 1 Bakorinthe 10:23, 24 ebe le buisana ka dipotso tsena:

      • Ho ya ka ditemana tsee, moradiwabo rona a ka nna a etsa qeto efe? O tla etsang ha o na le motho eo letswalo la hae le mo hanelang ho etsa ntho eo letswalo la hao le o dumellang ho e etsa?

      Boemo ba bobedi: Morabo rona o a tseba hore Bibele ha e thibele ho nwa jwala, empa o kgetha hore a se ke a bo nwa ho hang. O mengwa moketjaneng mme moo o bona barababo rona ba bang ba inwella.

      Bala Moeklesia 7:16 le Baroma 14:1, 10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

      • Ho ya ka ditemana tsee, morabo rona a ka nna a etsa qeto? O tla etsang ha o bona motho e mong a etsa ntho eo letswalo la hao le o hanelang ho e etsa?

      Ke mehato efe e tla re thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng?

      Mme o a rapela.

      1. Kopa Jehova hore a o thuse ho etsa qeto e nepahetseng.​—Jakobo 1:5.

      Yena Mme eo o etsa dipatlisiso a sebedisa Bibele, dingolwa the thehilweng Bibele le khomphiyutha.

      2. Etsa dipatlisiso ka Bibeleng le ka dingodilweng tse thehilweng Bibeleng ho fumana melaomotheo e tla o thusa. O ka boela wa buisana le Bakreste ba nang le boiphihlelo.

      Mme eo o a nahana.

      3. Nahana ka diphello tsa diqeto tsa hao. Di tla o ama di be di ame le batho ba bang jwang?

      BATHO BA BANG BA RE: “Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ikgethela hore na yena o batla ho etsang. Ha ho tsotellehe hore na batho ba bang bona ba nahanang.”

      • Ke hobaneng ha re lokela ho tsotella hore na Jehova o ikutlwa jwang le hore na batho ba bang ba ikutlwa jwang?

      KAKARETSO

      Re ka kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng haeba re tseba hore na Jehova o ikutlwa jwang. Hape re ka nahana ka hore na diqeto tsa rona di tla thusa batho ba bang kapa di tla ba ntsha kotsi.

      Re Ithutileng?

      • O ka etsa diqeto tse thabisang Jehova jwang?

      • O ka kwetlisa letswalo la hao jwang?

      • O ka bontsha jwang hore o hlompha matswalo a batho ba bang?

      Seo o ka se Etsang

      BATLA

      O ka etsa diqeto tse tla o thusa ho matlafatsa setswalle sa hao le Modimo jwang?

      “Etsa Diqeto Tse Tlotlisang Modimo” (Molula-Qhooa, April 15, 2011)

      Ithute haholwanyane ka hore na Jehova o re eletsa jwang.

      Jehova o Tataisa Batho ba Hae (9:50)

      Bona hore na keng e ileng ya thusa mohlankana e mong ha a ne a lokela ho etsa qeto e boima.

      Jehova o re Tshepisa Dintho Tse Molemo (5:46)

      Ithute haholwanyane hore na re ka thabisa Jehova jwang le maemong ao a sa fanang ka taelo e tobileng.

      “Na ka Mehla o Hloka Taelo ya Bibele?” (Molula-Qhooa, December 1, 2003)

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share