Kamano ya Hao le Modimo
Sehlooho se qalang sa makasine ena se itse batho ba bangata ba nka Bibele e le buka e halalelang. Ba hlalosa hore ha ba bala Bibele ebile ba sebedisa seo ba ithutang sona, ba utlwa ba le haufi le Modimo mme seo se etsa hore ba tsebe hore na ba phelelang.
Bibele e sebedisa lentswe “bomoya” ha e bua ka boikutlo boo batho ba nang le bona ka bophelo. (Juda 18, 19) Batho ba sa batleng ho tataiswa ke Modimo ba tshepa kutlwisiso ya bona, empa ba batlang ho tataiswa ke Modimo ba tshepa melao ya hae.—Baefese 5:1.
TSHEPO
MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Na o iponahaditse o nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.”—Liproverbia 24:10.
SEO E SE BOLELANG: Ho nyahama ho ka re amoha matla ao re a hlokang hore re tobane le mathata ao re kopanang le ona bophelong. Ka le hlakoreng le leng, tshepo yona e ka re fa sebete seo re se hlokang. Ha re na le tshepo, re tla bona mathata a rona e le a nakwana, ha e le hantle re ka ithuta ho itseng boemong boo re leng ho bona.
SEO O KA SE ETSANG: Leka ho nahana ka dintho tse molemo tse tla etsahala nakong e tlang. Ho e na le hore o tshwenyehe ka se ka etsahalang kapa o kgathatsehe ka se ke keng sa etsahala, nka kgato ka seo o batlang ho se finyella. Ha e le hantle, bohle re “hlahelwa ke nako le ketsahalo e sa lebellwang.” (Moeklesia 9:11) Bo nneteng, dintho di tla ba betere ho feta ka moo re neng re lebelletse kateng. Ka mohlala, Bibele ha e bua ka taba ena e sebedisa mokgabopuo wa balemi, e re: “Jala peo ya hao hoseng mme o se ke wa dumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shwalane; etswe ha o tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobedi di tla ba molemo ka ho tshwanang.”—Moeklesia 11:6.
BIBELE E ARABA DIPOTSO TSEO BATHO BA IPOTSANG TSONA BOPHELONG
MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Etsa hore ke utlwisise . . . Lentswe la hao ke nnete.”—Pesaleme ya 119:144, 160.
SEO E SE BOLELANG: Bibele e fana ka dikarabo tsa dipotso tseo hangata batho ba ipotsang tsona. Ka mohlala, e araba dipotso tse kang
Ha e le hantle re tswa hokae?
Re phelelang?
Ho etsahalang ha motho a hlokahala?
Na bophelo boo ke bona phetho?
Batho ba dimilione ba ntlafaditse bophelo ba bona ka hore ba ithute Bibele hobane Bibele e fana ka dikarabo tsa dipotso tsena le tse ding tse ngata.
SEO O KA SE ETSANG: Ithute Bibele e le hore o kgone ho tseba seo e se rutang. Kopa e mong wa Dipaki Tsa Jehova hore a o thuse hore o kgone ho utlwisisa Bibele. O ka kena websaeteng ya rona ho jw.org kapa wa tla dibokeng tsa rona, ha ho ntshwe koleke ebile motho e mong le e mong o amohelehile.
MELAOMOTHEO E MENG YA BIBELE
Shebella video ya Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele? e fumaneha ho jw.org/st-za. E fumaneha ka dipuo tse ka hodimo ho 880
HLOKOMELA KAMANO YA HAO LE MODIMO.
“Ho thaba ba elang hloko tlhoko ya bona ya moya, ka ha mmuso wa mahodimo ke wa bona.”—MATHEU 5:3.
ITHUTE LENTSWE LA MODIMO.
‘Batlang Modimo . . .mme ka sebele le tla mo fumana. . . Ha a hole le e mong le e mong wa rona.’—LIKETSO 17:27.
BALA BIBELE MME O NAHANISISE KA SEO O SE BALANG.
“O thabela molao wa Jehova,a o o bala ka lentswe le tlaase bosiu le motshehare. . . . Ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang e tla atleha.”—PESALEME YA 1:2, 3.
a Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.