LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lff thuto 36
  • Tshepahala ka Dinako Tsohle

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tshepahala ka Dinako Tsohle
  • O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ITHUTE DINTLHA TSE DING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Tshepahala Dinthong Tsohle
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 36
Kgaolo ya 36. Ntate o a saena.

KGAOLO YA 36

Tshepahala ka Dinako Tsohle

Printed Edition
Printed Edition
Printed Edition

Motho e mong le e mong o batla ho ba le metswalle e tshepahalang. Jehova le yena o lebelletse hore metswalle ya hae e tshepahale. Empa ha ho bonolo ho tshepahala ka ha batho ba bangata ha ba tshepahale. Ho dula re tshepahala ho ka re tswela molemo jwang?

1. Lebaka le ka sehloohong la ho dula re tshepahala ke lefe?

Ha re tshepahalla batho ba bang, re bontsha Jehova hore re a mo rata ebile re a mo hlompha. Nahana ka taba ena: Jehova o tseba ntho e nngwe le e nngwe eo re e nahanang le eo re e etsang. (Baheberu 4:13) Modimo o a bona ha re tshepahala mme ntho eo e a mo thabisa. Lentswe la hae le re: “Etswe motho ya mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa o na le kamano e haufiufi le ba lokileng.”​—Liproverbia 3:32.

2. Re ka bontsha jwang hore re batho ba tshepahalang?

Jehova o batla hore re ‘bolellane nnete.’ (Zakaria 8:16, 17) See se bolelang? Ha re a lokela ho bua leshano kapa mafosisa ha re bua le ba lelapa, basebetsimmoho, Bakrestemmoho le rona kapa diofisiri tsa mmuso. Batho ba tshepahalang ha ba utswetse ba bang kapa hona ho ba qhekella. (Bala Liproverbia 24:28 le Baefese 4:28.) Hape batho ba tshepahalang ba lefa makgetho ohle ao ba lokelang ho a lefa. (Baroma 13:5-7) Ha re tshepahala dinthong tsena le tse ding, re tla be re “itshwara ka botshepehi dinthong tsohle.”​—Baheberu 13:18.

3. Ho tshepahala ho ka re tswela molemo jwang?

Batho ba bang ba tla re tshepa haeba ba tseba hore re a tshepahala. Hape re tla be re etsa hore batho ba bang ba ikutlwe ba sireletsehile ba bile ba phutholohile ha ba le ka phuthehong. Re tla boela re be le matswalo a kgutsitseng. Ha re tshepahala, re “kgabisa thuto ya Mopholosi wa rona, Modimo,” ebile le batho bao eseng Dipaki ba ka kgahlwa ke borapedi ba rona.​—Tite 2:10.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Bona ka moo ho tshepahala ho ka amang Jehova ka teng le ka moo ho o amang ka teng o be o ithute hore na o ka bontsha botshepehi jwang maemong a fapafapaneng.

4. Jehova o a thaba ha re tshepahala

Bala Pesaleme ya 44:21 le Malakia 3:16 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke hobaneng ha e le bowatla ho nahana hore re ka pata nnete?

  • O nahana hore Jehova o ikutlwa jwang ha re kgetha ho bua nnete le ha ho le thata ho etsa jwalo?

Ntate o kgumame o mametse ngwana ha a bua le yena. Terinki e qhalanetse pela tafole.

Batswadi ba a thaba ha bana ba bona ba bua nnete. Jehova o a thaba ha re bua nnete

5. Tshepahala ka dinako tsohle

Batho ba bangata ba nahana hore ha ho kgonehe ho bua nnete ka mehla. Le ha ho le jwalo, bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho dula re tshepahala. Bapala VIDEO.

VIDEO: Keng e ka Etsang Hore Motho a Thabe?—Letswalo le Hlwekileng (2:32)

Setshwantsho se hlahang videong ya ‘Ke Eng e ka Etsang Hore Motho a Thabe?—Letswalo le Hlwekileng.’ Ka mora hore Ben a bolelle monga hae hore o entse phoso, ba tshwarana ka matsoho.

Bala Baheberu 13:18 ebe le a buisana hore na re ka bontsha jwang hore re a tshepahala . . .

  • ka lapeng.

  • ha re le mosebetsing kapa sekolong.

  • maemong a mang.

6. Ho tshepahala ho re tswela molemo

Ho tshepahala ho ka nna ha re bakela mathata. Empa ha nako e ntse e ya re ka hlokomela hore ho bua nnete ho molemo ka mehla. Bala Pesaleme ya 34:12-16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho tshepahala ho ka o tswela molemo jwang?

A. Mme le Ntate ba a qoqa ha ba ntse ba nwa kofi. B. Motho ya lokisang dikoloi o babatswa ke mongahae. C. Ntate o fana ka lengolo la boitsebiso ho lepolesa.
  1. Banna le basadi ba tshepahalang ba tiisa malapa a bona

  2. Basebetsi ba tshepahalang ba tsheptjwa ke bahiri ba bona

  3. Batho ba tshepahalang ba ba le botumo bo botle ho diofisiri tsa mmuso

BATHO BA BANG BA RE: “Mashano a mang ha a na taba hobane a manyenyane.”

  • Ke hobaneng ha o dumela hore Jehova o hloile leshano ho sa tsotellehe hore na le leholo kapa le lenyenyane?

KAKARETSO

Jehova o batla hore metswalle ya hae e tshepahale e be e bue nnete ka mehla.

Re Ithutileng?

  • Re ka bontsha jwang hore re a tshepahala?

  • Ke hobaneng ha e le bowatla ho nahana hore re ka pata nnete?

  • Ke hobaneng ha o batla ho dula o tshepahala?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ke jwang batswadi ba ka rutang bana ba bona hore ba tshepahale?

Bua Nnete (1:44)

Ke hobaneng ha ho le molemo ho phethahatsa ditshepiso tsa rona?

Ha o Tshepahala o Tla Hlohonolofatswa (9:09)

Bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho patala makgetho le haeba a sebediswa hampe.

“Na o Lokela ho Lefa Makgetho?” (Molula-Qhooa, September 1, 2011)

Keng e ileng ya susumeletsa motho ya neng a sa tshepahale hore a fetole tsela eo a etsang dintho ka yona?

“Ke Ithutile Hore Jehova o Mohau Ebile o a Tshwarela” (Molula-Qhooa, May 1, 2015)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share