Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Matekatse ao e Leng Bana ba Motho
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
    • Matekatse ao e Leng Bana ba Motho

      Ho Ezekiele kgaolo ya 23, ho buuwa ka kahlolo e bohloko eo batho ba Modimo ba e fumanang ka lebaka la ho se tshepahale. Kgaolo ena e tshwana haholo le kgaolo ya 16. Le ho kgaolo ya 23 Jehova o etsa mohlala ka basadi ba matekatse bao e leng bana ba motho. Jerusalema ho thwe ke mosadi e monyenyane mme Samaria ke mosadi e moholo. Dikgaolo tseo ka bobedi di bontsha ka moo mosadi e monyenyane a ileng a latela ausi wa hae ka ho etsa botekatse a ba a etsa dintho tse mpe le boitshwaro bo bobe ho feta ausi wa hae. Kgaolong ya 23, Jehova o reha basadi bana ba babedi mabitso: Lebitso la mosadi e moholo ke Ohola e leng Samaria motsemoholo wa mmuso wa Iseraele wa maloko a leshome. Lebitso la mosadi e monyenyane ke Oholiba e leng Jerusalema motsemoholo wa Juda.a—Ezek. 23:1-4.

  • Matekatse ao e Leng Bana ba Motho
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
    • a Mabitso ana ke a bohlokwa. Ohola e bolela “Tente ya Hae [ya Borapedi].” Ho hlakile hore mona ho buuwa ka tsela eo Iseraele e ileng ya iketsetsa dibaka tsa yona tsa borapedi ho ena le ho sebedisa tempele ya Jehova e Jerusalema. Oholiba yona e bolela “Tente ya ka [ya Borapedi] e ho Yena.” Tempele ya Jehova e ne e le Jerusalema.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela