-
“Morena wa Leboya” Matsatsing a ho QetelaTora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2020 | May
-
-
8. Ke mang eo esale e le morena wa borwa matsatsing a ho qetela?
8 Nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe, United States le Britain di ile tsa thusana ntweng mme tsa ba matla haholo. Ka nako eo United States le Britain di ile tsa sebedisana ha mmoho mme ka bobedi ya eba dinaha tse matla ka ho fetisisa lefatsheng. Jwalo ka ha Daniele e bontsha, morena enwa o ile a bokella “lebotho la sesole le leholo ka mokgwa o fetisisang le le matla.” (Dan. 11:25) Matsatsing a ho qetela esale morena wa borwa e le United States le Britain.c Jwale ke mang eo e ileng ya eba morena wa leboya?
MORENA WA LEBOYA KE MANG?
9. Morena wa leboya o ile a ba teng neng, hona Daniele 11:25 e ile ya phethahala jwang?
9 Ka 1871 selemo ka mora hore morabo rona Russell le metswalle ya hae ba ikopanye hore ba ithute Bibele, morena wa leboya o ile a ba teng. Selemong sona seo Otto von Bismarck o ile a kopanya dibaka tse mmalwa e le hore e be setjhaba se matla se bitswang Germany. Wilhelm I e ile ya eba Morena wa setjhaba sena se setjha mme a kgetha Bismarck hore e be moetapele wa mmuso ona.d Ha nako e ntse e ya Germany e ile ya busa dinaha tse ding tsa Africa le lewatle la Pacific mme ya leka ho ba matla ho feta Britain. (Bala Daniele 11:25.) Germany e ile yaba le masole a batlileng a ba matla jwalo ka a Britain. Ka hoo ntweng ya pele ya lefatshe Germany e ile ya sebedisa masole ao ho lwantsha dira tsa yona.
10. Boprofeta bo ho Daniele 11:25b, 26 bo ile ba phethahala jwang?
10 Daniele o ile a boela a profeta ka se tla etsahalla Mmuso wa Germany le masole a yona. Boprofeta bona bo bontsha hore morena wa leboya “a ke ke a ema.” Hobaneng? “Hobane ba tla rera merero kgahlanong le yena. Bona ba jang dimenyemenye tsa hae ba tla mo diha.” (Dan. 11:25b, 26a) Mehleng ya Daniele batho ba neng ba ja “dimenyemenye tsa morena,” ba akarelletsa bahlanka ba baholo ba morena ba neng “ba ka ema ka pela [hae.]” (Dan. 1:5) Boprofeta boo bo bua ka mang? Bo bua ka batho ba neng ba ena le matla mmusong wa Germany, bahlanka ba baholo ba morena le balaodi ba sesole ba neng ba sebetsa haufi le morena. Ka lebaka la seo batho bana ba ileng ba se etsa, mmuso wa Germany o ile wa fellwa ke matla mme ha qala mmuso o motjha.e Boprofeta boo bo ile ba boela ba bua ka ditlamorao tsa ntwa tse tla tlela morena wa borwa. Ha bo bua ka morena wa leboya bo re: “Ha e le lebotho la hae la sesole, le tla hoholwa, mme ka sebele ba bangata ba tla wela fatshe ba bolailwe.” (Dan. 11:26b) Jwalo ka ha ho profetilwe ka Ntwa ya Pele ya Lefatshe, mmuso wa Germany o ile wa hlolwa mme batho ba bangata ba ile ba bolawa. Ho ile ha bolawa batho ba bangata ntweng eo ho feta le ha e le neng pele.
-
-
“Morena wa Leboya” Matsatsing a ho QetelaTora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2020 | May
-
-
e Batho bana ba ile ba etsa dintho tse ngata tse ileng tsa etsa hore mmuso o we. Ka mohlala ba ile ba tlohela ho thusa morena, ba bolella batho ba bang hore ba rerile ho etsang ntweng le ho hatella morena hore a tlohele ho busa.
-