-
Tshepa Jehova Mme o Phele.Tora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2018 | November
-
-
15, 16. (a) Ke ditshepiso dife tsa bohlokwa tseo re ka di fumanang lengolong la Habakuke? (b) Hona ditshepiso tseo di re ruta eng?
15 Jehova o fana ka tshepiso ena: “Ha e le ya lokileng, o tla nne a phele ka botshepehi ba hae” mme “lefatshe le tla tlala ho tseba kganya ya Jehova.” (Hab. 2:4, 14) Sena se bolela hore Jehova o tla fa batho bohle ba mo tshepileng le ba mamelletseng bophelo bo sa feleng.
-
-
Tshepa Jehova Mme o Phele.Tora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2018 | November
-
-
17. Lengolo la Habakuke le re fa kgodiseho efe?
17 Rona ba phelang dinakong tsena tsa ho qetela, lengolo la Habakuke le re ruta thuto ya bohlokwa. Re ithuta hore Jehova o tshepisa bohle ba bontshang tumelo ho yena le ba mo tshepileng bophelo bo sa feleng. Ka lebaka leo he, a re ikemisetseng le ho feta ho matlafatsa tumelo ya rona le ho tshepa Modimo ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ona. Re se re ithutile lengolong la Habakuke, hore Jehova o re tshepisa ho re tshehetsa le ho re lopolla. Ntho eo re lokelang ho e etsa feela ke ho mo tshepa le ho mo letela ka mamello. Etswe o se a ntse a behile dintho ka manane hore Mmuso wa hae o buse lefatshe. Jwale ka nako eo, lefatshe lohle le tla tlala ka batho ba thabileng, ba nang le kgotso le ba rapelang yena feela.—Mat. 5:5; Baheb. 10:36-39.
-