-
Kamoo Dipono Tsa Zakaria di o Amang KatengTora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2017 | October
-
-
16. (a) Keng se etsahalang ka nkgo ya efa e ponong ya Zakaria? (Sheba setshwantsho sa boraro ho tse qalong.) (b) Basadi ba nang le mapheo ba isa nkgo hokae?
16 Ha Zakaria a ntse a shebile ponong, o bona basadi ba babedi ba nang le mapheo a maholo a kang a nonyana e bitswang mokotatsie. (Bala Zakaria 5:9-11.) Basadi bana ba fapane hole le mosadi yane ya ka nkgong! Ba sebedisa mapheo a bona a matla ho kuka nkgo e nang le mosadi ya bitswang “Bokgopo.” Ebe ba mo isa hokae? Ba isa nkgo eo “naheng ya Shinare” kapa Babylona. Empa ke hobaneng ha ba isa nkgo eo Babylona?
17, 18. (a) Ke hobaneng ha Shinare e le ‘sebaka se tshwanetseng’ bakeng sa “Bokgopo”? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?
17 Ho Baiseraele ba mehleng ya Zakaria, Shinare e ne e le sebaka se tshwanetseng bakeng sa Bokgopo. Baiseraele bao ba ne ba tseba Babylona e le sebaka se neng se tletse bokgopo kapa bobe mehleng eo. Ka nako eo ba neng ba dula Babylona, ba ile ba bona kamoo e neng e le sebaka se tletseng boitshwaro bo ditshila le borapedi ba ditshwantsho kateng. Ba ile ba lokela ho itebela hore ba se ke ba susumetswa ke mekgwa eo. E tlameha ebe pono ena ya Zakaria e ile ya ba thabisa hakakaang! Pono ena e ile ya ba fa kgodiseho ya hore Jehova o ne a tla boloka borapedi ba bona bo hlwekile.
18 Le ha ho le jwalo, pono ena e ile ya hopotsa Baiseraele hore le bona ba ne ba na le boikarabelo ba ho boloka borapedi ba bona bo hlwekile. Bokgopo bo ke ke ba dumellwa ka tsela le ha e le efe hara batho ba Jehova. Jehova o re tlisitse ka hara mokgatlo wa hae o sireletsehileng le o hlwekileng. Kahoo re lokela ho ikemisetsa ho o boloka o hlwekile. Ha re a lokela ho dumella bobe ba mofuta ofe kapa ofe ho kena ka phuthehong.
-