LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • “Ke Jehova Modimo wa Hao eo o Lokelang ho mo Rapela”
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
    • 3, 4. (a) Ha Satane a leka Jesu ka makgetlo a mabedi a qalang, o ile a reng? Ha a tjho jwalo o ne a batla ho kenya Jesu maikutlo afe? (b) Satane o sebedisa maqheka a tshwanang le ao jwang mehleng ee?

      3 Bala Matheu 4:1-7. Ha Satane a leka Jesu ka makgetlo a mabedi a qalang, ka bohlale o ile a bua mantswe ana: “Haeba o mora wa Modimo.” Na ke hobane a ne a belaela hore Jesu ke Mora wa Modimo? Ho hang. Satane o ne a tseba hantle hore Jesu ke Mora wa Modimo wa matsibolo hobane le yena e ne e kile ya eba mora wa Modimo. (Bakol. 1:15) Hape o ne a tseba hantle mantswe ao Jehova a ileng a a bua a le lehodimong ha Jesu a ne a kolobetswa, a reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlisang.” (Mat. 3:17) Mohlomong Satane o ne a batla ho kenya Jesu maikutlo a hore Ntate wa hae ha a tshepahale le hore ha a mo tsotelle. Ha a ne a leka Jesu ka lekgetlo la pele ka hore a re a fetole majwe bohobe, ha e le hantle Satane o ne a re: ‘Haeba o Mora wa Modimo, ke hobaneng ha a sa o fepe lefeelleng lee le se nang letho?’ Ha a ne a mo leka ka lekgetlo la bobedi ka hore a re a itihele fatshe a le hodima tora ya tempele, ho ne ho tshwana le ha eka o re ho Jesu: ‘Ka ha o Mora wa Modimo, na o fela o mo tshepa hore o tla o sireletsa?’

  • “Ke Jehova Modimo wa Hao eo o Lokelang ho mo Rapela”
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
    • 5. Jesu o ile a araba Satane jwang ditekong tse pedi tsa pele?

      5 Hlokomela hore na Jesu o ile a araba Satane jwang ditekong tse pedi tsa pele. Jesu o ne a sa belaele hore Ntate wa hae o a mo rata ebile o ne a mo tshepa ka ho felletseng. O ile a hanyetsa Satane a sa hlathe kwana le kwana a sebedisa Lentswe la Ntate wa hae. Ke ntho e utlwahalang hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a qotsa mangolo a nang le lebitso la Jehova. (Deut. 6:16; 8:3) Taba ya hore ebe Jesu o ile a sebedisa lebitso la Ntate wa hae e ne e bontsha hore o a mo tshepa hobane lebitso leo le bolela hore Jehova o tla phethahatsa ditshepiso tsohle tsa hae.a

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share