LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Na o Tla Kgoptjwa ka Lebaka la Jesu?
    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2021 | May
    • (3) JESU O NE A SA ETSE MEETLO E MENGATA YA BAJUDA

      Batho ba bangata ba ile ba hanyetsa Jesu ka lebaka la ho hana ho etsa e meng ya meetlo ya bona. Ntho e tshwanang e ka kgopisa batho ba bang jwang mehleng ee? (Sheba serapa sa 13)d

      13. Ke eng e ileng ya etsa hore batho ba bangata ba se ke ba rata Jesu?

      13 Mehleng ya Jesu, barutuwa ba Johanne Mokolobetsi ba ile ba makalla barutuwa ba Jesu ha ba ne ba sa itime dijo. Jesu o ile a hlalosa hore ho ne ho se na lebaka la hore ba itime dijo ha a ntse a phela. (Mat. 9:14-17) Ho ntse ho le jwalo, Bafarisi le bahanyetsi ba Jesu ba ne ba mo hloile hobane o ne a sa etse meetlo le ditlwaelo tsa bona. Ba ile ba halefa ha a ne a fodisa batho ka Sabatha. (Mar. 3:1-6; Joh. 9:16) Ka lehlakoreng le leng, ba ne ba ikotla sefuba ka hore ba hlompha molao wa Sabatha empa ka lehlakoreng le leng ba ne ba bona ho se na bothata ha ba etsetsa kgwebo ka tempeleng. Ba ile ba tuka ke bohale ha Jesu a ba kgalemela ka matla mabapi le ntho eo. (Mat. 21:12, 13, 15) Athe batho bao Jesu a ileng a ba ruta ha a ne a le ka synagogeng Nazaretha, ba ile ba kwata hona hoo ha Jesu a sebedisa mehlala ya Baiseraele ho ba bontsha ka moo ba neng ba ikgohomosa ebile ba se na tumelo ka teng. (Luka 4:16, 25-30) Tsela eo Jesu a ileng a etsa dintho ka yona eo batho ba neng ba sa e lebella, e ile ya etsa hore ba bangata ba se ke ba mo rata.​—Mat. 11:16-19.

      14. Ke hobaneng ha Jesu a ne a nyatsa meetlo ya batho e sa dumellaneng le Mangolo?

      14 Mangolo a reng? A sebedisa moprofeta Esaia, Jehova o ile a re: “Batho bana ba atametse ka melomo ya bona mme ba ntlotlisitse ka melomo ya bona feela mme ba suthiseditse dipelo tsa bona hole le nna mme tshabo ya bona ho nna e fetohile taelo ya batho e rutwang.” (Esa. 29:13) Jesu o ne a etsa hantle ha a ne a nyatsa meetlo ya batho e sa dumellaneng le Mangolo. Batho ba neng ba nka melao ya batho le ditlwaelo tsa bona e le tsa bohlokwa ho feta Mangolo, ba ile ba latola Jehova le eo a mo rommeng e le Mesia.

  • Na o Tla Kgoptjwa ka Lebaka la Jesu?
    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2021 | May
    • (4) JESU HA A KA A FETOLA MMUSO

      Batho ba bangata ba ile ba hanyetsa Jesu ka lebaka la hore ha a ka a kenella dipolotiking. Ntho e tshwanang e ka kgopisa batho ba bang jwang mehleng ee? (Sheba serapa sa 17)e

      17. Mehleng ya Jesu, batho ba bangata ba ne ba lebelletse hore Mesia a etseng?

      17 Batho ba bang mehleng ya Jesu ba ne ba batla hore ho be le diphetoho tsa hanghang dipolotiking. Ba ne ba batla hore Mesia a ba lokolle pusong e hatellang ya Roma. Empa Jesu o ile a hana ha ba ne ba batla ho mo etsa morena. (Joh. 6:14, 15) Athe ba bang ho akarelletsa le baprista, ba ne ba tshwenyehile ka hore Jesu o tla tlisa diphetoho dipolotiking mme a halefise Baroma ba neng ba file baetapele bao ba bodumedi matla a itseng pusong. Mathata ao a dipolotiki a ile a etsa hore Bajuda ba bangata ba hanyetse Jesu.

      18. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka Mesia boo batho ba ileng ba iphapanyetsa bona?

      18 Mangolo a reng? Le hoja boprofeta bo ile ba bolela hore Mesia o ne a tla fana ka tharollo mathateng a batho, bo bong bo ile ba bontsha hore o ne a tla lokela ho shwa pele bakeng sa dibe tsa rona. (Esa. 53:9, 12) Jwale, ke hobaneng ha batho ba ne ba lebelletse dintho tse fosahetseng ka Mesia? Ba bangata mehleng ya Jesu ba ne ba sa rate boprofeta bo neng bo sa fane ka tharollo ya mathata a bona ka nako eo.​—Joh. 6:26, 27.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share