LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbq sehlooho 79
  • Na Mmuso wa Modimo o ka Pelong ya Hao?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na Mmuso wa Modimo o ka Pelong ya Hao?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Karabo ya Bibele
  • Nnete ka Mmuso wa Modimo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Mmuso wa Modimo ke Eng?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 79
Setshwantsho sa mmele wa motho, moo mmuso le ha e le ofe wa sebele o ke keng wa dula ka hara ona

Na Mmuso wa Modimo o ka Pelong ya Hao?

Karabo ya Bibele

Tjhe, Mmuso wa Modimo ha o ka dipelong tsa Bakreste.a Bibele e re bolella ka ho hlaka hore na o hokae ka ho o bitsa, “mmuso wa mahodimo.” (Matheu 4:​17, Bibele ya Sesotho) A re ke re hlahlobe hore na Bibele e bontsha jwang hore ke mmuso wa sebele o busang o le lehodimong.

  • Mmuso wa Modimo o na le babusi, bafo le melao mme o tla etsa hore thato ya Modimo e etswe lehodimong le lefatsheng.​—Matheu 6:​10; Tšenolo 5:10.

  • Mmuso wa Modimo o tla busa “batho, ditjhaba le dipuo” kaofela tsa lefatshe. (Daniele 7:​13, 14) Morena wa Mmuso ona ha a kgethwe ke bafo ba wona, empa o kgethwa ke Modimo ka ho toba.​—⁠Pesaleme ya 2:​4-6; Esaia 9:7.

  • Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba tshepahalang hore ba tla “dula [le yena] diteroneng,” Mmusong wa lehodimo.​—Luka 22:​28, 30.

  • Mmuso o na le dira tseo o tla di fedisa.​—Pesaleme ya 2:​1, 2, 8, 9; 110:​1, 2; 1 Bakorinthe 15:​25, 26.

Bibele ha e rute hore Mmuso wa lehodimo o ka pelong ka kutlwisiso ya hore o busa ka pelong ya hao. Ho e na le hoo, e ruta hore “lentswe la mmuso” kapa “ditaba tse molemo tsa mmuso” di ka ama dipelo tsa rona, ebile di lokela ho di ama.​—Matheu 13:​19; 24:14.

Ho bolelang ho re, “mmuso wa Modimo o se o le ka hare ho lona”?

Ntho e etsang hore batho ba bang ba se ke ba utlwisisa hantle hore na Mmuso o hokae ke tsela eo Luka 17:​21 e hlahang ka yona Dibibeleng tse ding. Ka mohlala, Bibele ya Sesotho e re: “mmuso wa Modimo o se o le ka hare ho lona.” E le hore re utlwisise temana ena ka tsela e nepahetseng, re lokela ho hlahloba ditemana tse e potolohileng.

Baetapele ba bang ba bodumedi ba neng ba hanyetsa Jesu

Jesu o ne a bua le Bafarisi, e leng baetapele ba bodumedi ba neng ba mo hanyetsa ebile ba loha mano a ho mo bolaya. (Matheu 12:​14; Luka 17:​20) Ka sebele, ha se ho utlwahalang hore Mmuso o ne o ka ba ka dipelong tsa batho bao ba manganga. Jesu o ile a re ho bona: “Ka hare le tletse boikaketsi le tlolo ya molao.”​—Matheu 23:​27, 28.

Dibibele tse ding di beha mantswe a Jesu a ho Luka 17:​21 ka tsela e nepahetseng ha di re: “Mmuso wa Modimo o na le lona.” (mongolo o tshekaletseng ke wa rona; Contemporary English Version) “mmuso wa Modimo o hara lona.” (Phetolelo ea Lefatše le Lecha) Mmuso wa lehodimo o ne o “na” kapa o le “hara” Bafarisi hobane Jesu, ya neng a kgethilwe ke Modimo hore a buse e le Morena, o ne a eme ka pela bona.​—Luka 1:​32, 33

a Dikereke tse ngata tsa Bokreste di ruta hore Mmuso wa Modimo o ka hara motho, kapa ka pelong ya motho. Ka mohlala, kereke e United States ya Southern Baptist Convention, e ile ya bolela hore Mmuso wa Modimo ke “ha Modimo a busa ka pelong le bophelong ba motho.” Ka ho tshwanang, bukeng ya hae e bitswang Jesus of Nazareth, Mopapa Benedict wa bo 16 o ile a re: “Haeba motho a bula pelo ya hae hore e mamele, seo se bolela hore Mmuso wa Modimo o ka hare ho yena.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share