LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Mmuso wa Modimo o Tla Busa Neng Lefatsheng?
    Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela)—2020 | No. 2
    • Jesu o ile a re: “Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, le mmuso o tla tsohela mmuso matla, mme ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa le dikgaello tsa dijo sebakeng se seng ka mora se seng.” (Luka 21:10, 11) Dintho tsena kaofela e ne e tla ba letshwao la hore “Mmuso wa Modimo o haufi.” Na diketsahalo tseo di etsahetse ka nako e le nngwe lefatsheng lohle? Nahana ka bopaki bo latelang.

  • Mmuso wa Modimo o Tla Busa Neng Lefatsheng?
    Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela)—2020 | No. 2
    • 2. DITSHISINYEHO TSA LEFATSHE

      Tshisinyeho ya lefatshe e diha meaho.

      Britannica Academic e re: “Selemo le selemo ho ba le ditshisinyeho tsa lefatshe tse ka bang 100 tse bakang tshenyo e kgolo.” Geological Survey ya United States yona e re: “Ditlaleho di bontsha hore selemo le selemo ho ba le ditshisinyeho tsa lefatshe tse ka bang 16.” Le hoja batho ba bang ba dumela hore ho tloha kgale haesale ditshisinyeho tsa lefatshe di le ngata, empa hona jwale ho bonahala eka di eketsehile hobane ho na le dintho tse ngata tse ba thusang hore ba kgone ho di hlokomela. Empa nnete ke hore, ditshisinyeho tsa lefatshe di bolaya batho ba bangata mme di bakela batho mathata a mangata.

      3. KGAELLO YA DIJO

      Kerafo e nang le mola o bontshang kgaello ya koro.

      Kgaello ya dijo e teng lefatsheng lohle ka lebaka la dintwa, bobodu, ho putlama ha moruo le ho se hlokomele dijo hantle kapa ho se be le tsebo e nepahetseng ka tsa temo. Ripoto ya The World Food Programme’s 2018 e re: “Batho ba dimilione tse 821 ha ba na dijo tse lekaneng, athe ba dimilione tse 124 bona ha ba na dijo ho hang.” Bana ba 3 100 000 ba a hlokahala selemo le selemo ka lebaka la kgaello ya phepo e nepahetseng. Ka selemo sa 2011, bana ba ka bang diperesente tse 45 lefatsheng lohle ba shwele ka lebaka la kgaello ya phepo e nepahetseng.

      4. HO KULA LE MAFU A SEWA

      Letshwao la dikhemikhale tse kotsi le di bacteria.

      Buka ya World Health Organization e re: “Ho tloha ka dilemo tsa bo 2000 ho ile ha eba le mafu a mangata a sewa. Mafu a kgale a sewa a kang cholera le yellow fever a kgutlile mme ho se ho e na le a mang a kang Severe acute respiratory syndrome, pandemic influenza, Middle East respiratory syndrome, Ebola le Zika.” Morao tjena ho se ho ena le sewa sa COVID-19. Le hoja borasaense le dingaka ba ithuta ho hongata ka mafu ana, ba ntse ba sa kgone ho a phekola kaofela.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share