LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • “Llang le Batho ba Llang”
    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2017 | July
    • 14. Re ka fana ka mantswe a matshediso jwang ho ba hlokahalletsweng?

      14 Ka dinako tse ding, ho ka ba thata ho tseba seo re lokelang ho se bua ho motho ya hlokahalletsweng. Le ha ho le jwalo, Bibele e re “maleme a ba bohlale ke phodiso.” (Liprov. 12:18) Ba bangata ba fumane mantswe ao ba ka kgothatsang ba bang ka ona bukaneng ya Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa.c Leha ho le jwalo, ho molemo le ho feta ke ho ‘lla le batho ba llang.’ (Bar. 12:15) Gaby, ya ileng a hlokahallwa ke monna, o re: “Ho lla e se le ntho eo ke e tlwaetseng. Ke kahoo ke tshedisehang ha metswalle ya ka e lla le nna. Ka nako eo, ke utlwa eka ha ke mong bohlokong ba ka.”

  • “Llang le Batho ba Llang”
    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2017 | July
    • 20. Ke hobaneng ha ditshepiso tsa Jehova e le mohlodi o moholo wa matshediso?

      20 Ho tshedisa hakaakang ho tseba hore Jehova, Modimo wa matshediso ohle, o tla fedisa bohloko bohle bo bakwang ke lefu mme a fane ka matshediso a ka ho sa feleng! O tla etsa sena ha “bohle ba mabitleng a kgopotso ba tla utlwa lentswe la [Jesu] mme ba tswe.” (Joh. 5:28, 29) Modimo o tshepisa hore “o tla metsa lefu ka ho sa feleng, mme ka sebele Mmusi Morena Jehova o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.” (Esa. 25:8.) Ka nako eo, ho e na le ho ‘lla le batho ba llang’ baahi ba lefatshe lohle ba tla ‘thaba le batho ba thabileng.’​—Bar. 12:15.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share