COVER SUBJECT | IS THE BIBLE REALLY FROM GOD?
Bibele e Nepahetse Dinthong Tsohle
Ditabeng Tsa Saense
LE HOJA Bibele e se buka ya saense, e bua dintho tse nepahetseng ka saense. Hlokomela tse ding tsa dintho tse fanang ka bopaki ba hore Bibele e nepahetse ditabeng tsa saense.
TSELA EO PULA E BANG TENG KA YONA
POTOLOHO YA METSI
Bibele e re: “[Modimo] o hula marothodi a metsi; a rotha e le pula bakeng sa mohodi wa hae, hoo maru a rothang.”—Jobo 36:27, 28.
Ha e le hantle, mona Bibele e hlalosa tsela eo pula e bang teng ka yona kapa potoloho ya metsi. Modimo, e leng moetsi wa letsatsi o “hula marothodi a metsi” ka hore ha letsatsi le tjhesa, ho be le (1) mohodi. Kamora moo, ha mohodi o phahamela sepakapakeng kapa lehodimong, o etsa hore ho be le (2) maru. Qetellong maru ao, a etsa hore (3) metsi a tsholohele lefatsheng e le pula kapa e le lehlwa. Ho tla fihlela lena le hodimo, ditsebi tse shebang boemo ba lehodimo di ntse di sa utlwisise hantle hore na sena se etsahala jwang. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho makatswa ke sena, ka ha Bibele e nnile ya re: “Ke mang ya ka utlwisisang maru?” (Jobo 36:29) Ho fapana le seo, Jehova e leng Mmopi wa dintho tsohle, o ile a etsa hore bangodi ba Bibele ba hlalose taba ena ka tsela e nepahetseng le pele ditsebi di ka bua ka yona.
TSELA EO BOPHELO BO QALANG KA YONA
BOPHELO
Morena Davida o ile a re ho Modimo: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tswa emolwa, dikarolo tsohle tsa lona tsa ngolwa fatshe bukeng ya hao.” (Pesaleme ya 139:16) Hlokomela hore mantswe ana a ngotswe dilemong tse 3 000 tse fetileng! Mona Davida o bua jwalo ka ha eka ditaelo tsa hore na o ne a tla shebahala jwang, di ne di ngotswe bukeng ya sebele.
Dilemong tsa bo1800, setsebi se seng se bitswang Gregor Mendel, se ile sa fumana hore ho na le se amehang tabeng ya hore na motho o tla shebahala ka tsela efe ha a se a hlahile. Ka April 2003, ditsebi di ile tsa fumana dintho tse ding tse hlalosang hore na bophelo ba motho bo qala jwang. Di ile tsa boela tsa fumana hore na keng e etsang hore ha lesea le hlaha, le tshwane le ba bang ba lelapa la bo lona. Ka hona, di ile tsa re ho tshwana le haeba motho a na le buka ya dirisepe e mo bolellang hore na a phehe jwang. Ha e le hantle, re ka re buka ena ya tshwantshetso, e teng ka hare ho mmele ya rona mme e fana ka ditaelo tsa hore na re lokela ho boptjwa jwang. Kahoo, mmele wa lesea o sebedisa ditaelo tsa buka eo e le hore le be le boko, pelo, matshwafo, maoto, matsoho le ditho tse ding. Sena se etsahala ka tsela e hlollang! Ke ka lebaka leo borasaense ba reng ditaelo tseo di tswa “bukeng ya bophelo,” e ka hare ho mmele ya rona. Jwale, bopaki bona bo bontsha hore e ke ke yaba Davida o ne a inahanela dintho tseo. Hobane o re: “Moya wa Jehova ke ona o buileng ka nna, lentswe la hae le ne le le lelemeng la ka.”a—2 Samuele 23:2.
Ditabeng Tsa Histori
HA HO motho ya tsebang hore na mmuso o itseng o tla thehwa neng kapa o tla tloha setulong neng. Empa Bibele yona, e ile ya hla ya bolela esale pele ka mebuso e neng e tla fediswa. A re hlahlobeng mehlala e latelang.
BABYLONA E A FEDISWA
Mmuso wa Babylona e nnile ya eba o mong wa mebuso e matla ka ho fetisisa. Babylona e ne e bile e le toropo e kgolo lefatsheng. Empa dilemo tse 200 esale pele, Modimo o ne a ile a budulela mongodi wa Bibele e leng Esaia ho profeta hore Babylona e ne etla hlolwa ke morena Cyruse, hoo e neng e sa tlo hlola e eba le baahi. (Esaia 13:17-20; 44:27, 28; 45:1, 2) Na ehlile see se ile sa etsahala?
HISTORI
Bosiung bo bong ka October selemong sa 539 , Cyruse e Moholo o ile a fedisa Babylona. Ho ile ha ba feela jwalo ka ha Bibele e ne e boletse ha e re, Babylona e ne e tla ba “lefeella kahohle.” Metsi a neng a potolohile motse oo, a ile a fela a tjha. (Jeremia 50:13 BIBELE E HALALELANG). Kahoo, ho tloha ka selemo sa 200 mehleng ya Jesu ho tla fihlela kajeno Babylona ke lefeella.
O nahana hore Esaia o ile a tsebella hokae hore Babylona e ne e tlo fediswa? Bibele e bontsha hore ena ke “phatlalatso eo Esaia mora wa Amose a e boneng ponong kgahlanong le Babylona.”—Esaia 13:1.
NINIVE KE “SEBAKA SE SE NANG METSI JWALO KA LEFEELLA”
Nineve e ne e le motsemoholo wa Mmuso wa Assyria, mme e ne e boetse e le motse o nang le meaho e metle. E ne e na le diterata tse kgolo, dirapa tsa dipalesa, ditempele le matlo a borena a maemo a phahameng. Ho sa tsotellehe seo, moprofeta Sofonia o ile a bolela esale pele hore, motse ona o ne o tla fediswa mme ebe “sebaka se se nang metsi jwalo ka lefeella.”—Sofonia 2:13-15.
Ninive e ile ya fediswa ke puso ya Babylona e ikopantse le ya Bamede dilemong tsa bo600. Ho latela dipatlisiso, ho ile ha feta dilemo tse 2 500 batho ba sa bue letho ka yona. Kahoo, seo se ile sa etsa hore ho be le dipelaelo mabapi le hore na ehlile ke nnete ho kile ha ba le motse o bitswang Ninive na. Dilemong tsa bo1800 e ne e le hona baepolli ba dintho tsa kgale, ba bonang hore Ninive e kile ya ba teng. Kajeno, sebaka seo sa Ninive e se e le lehaha la mashodu. Ke kahona mokgatlo o mong wa matjhaba, o sireletsang setso le matlotlo a histori ya lefatshe, o ileng wa bontsha hore matlotlo ohle a Ninive ho ile ka ona.
O nahana hore mongodi wa Bibele Sofonia o nkile ditaba tsee hokae? Sofonia o re ke ka lebaka la “Lentswe la Jehova le ileng la hlaha ho [yena].”—Sofonia 1:1.
Bibele e na le Dikarabo Tsa Dipotso Tsa Bohlokwa
NA O ne o tseba hore Bibele e fana ka dikarabo tse kgotsofatsang tsa dipotso tsa bohlokwa bophelong? A re ke re hlahlobeng mehlala e latelang.
KE HOBANENG HA RE UTLWA BOHLOKO?
Bibele e fana ka mabaka a utlwahalang
‘Motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.’—Moeklesia 8:9.
Puso ya motho e tletseng bobodu, e tliseditse batho mathata a mangata.
“Bohle ba hlahelwa ke nako le ketsahalo e sa lebellwang.”—Moeklesia 9:11.
Diketsahalo tse sa lebellwang tse kang ho kula, ho lemala le dikoduwa tsa tlhaho, di ka etsahalla mang le mang, kae kapa kae le ka nako efe kapa efe.
“Sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe.”—Baroma 5:12.
Tshimolohong, Modimo o ne a sa rera hore batho ba shwe. Le ha ho le jwalo, sebe “se ile sa kena lefatsheng” ha Adama le Eva e leng batho ba pele, ba sa mamele Modimo.
Modimo o re tshepisa hore o tla fedisa bobe a be a “hlakole meokgo yohle . . . lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, le ha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.”—Tšenolo 21:3, 4 BIBELE E HALALELANG.
HO ETSAHALANG KA RONA HA RE HLOKAHALA?
Bibele e bontsha hore ha motho a hlokahetse, ho hang ha a utlwe letho. Lengolo la Moeklesia 9:5 le re: “Ba phelang ba a tseba hore ba tla shwa; empa ha e le ba shweleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Kahoo, ha motho a hlokahetse, “menahano ya hae e a timela.” (Pesaleme ya 146:4) Sena se bolela hore ntho e nngwe le e nngwe mmeleng ya rona e kgaotsa ho sebetsa. Ka hona, ho totobetse hore re ke ke ra sebetsa, ra latswa kapa ra nahana ha re hlokahetse.
Le tabeng ena Bibele ha e re siye feela. E re tshepisa hore Modimo o tla tsosa bafu.—Hosea 13:14; Johanne 11:11-14.
HA E LE HANTLE RE PHELELANG?
Bibele e bontsha hore Jehova Modimo o bopile monna le mosadi. (Genese 1:27) Kahoo, monna eo wa pele, Adama, o hlaloswa e le “mora wa Modimo.” (Luka 3:38) Adama o bopilwe ka morero wa hore a phele hamonate mme a be le bana O ne a bile a lokela ho ba le kamano e ntle le Ntate wa hae wa lehodimo. Ka ha re bana ba Adama, re na le takatso ya tlhaho ya ho batla ho ba le kamano e ntle le Modimo, le ho ithuta ka Modimo. Ke ka hona Bibele e reng: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ya bona ya moya.”—Matheu 5:3.
Ho feta moo, Bibele e re: “Ho thaba ba utlwang lentswe la Modimo mme ba le boloka!” (Luka 11:28) Bibele ha e re rute feela ka Modimo empa e re thusa hore re phele re thabile, e boetse hape e re fa tshepo ka bokamoso.
Na o Tla ba Motswalle wa Modimo?
KAMORA hore batho ba bangata ba hlahlobisise seo Bibele e se rutang, ba ile ba hlokomela hore ha se buka feela tjee ya kgale. Ba kgodisehile hore Bibele ke buka e tswang ho Modimo, eo a e sebedisang ho bua le rona. Kahoo, e na le memo e kgethehileng e reng: “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.” Haele hantle mantswe a memo eo a tswa ho Modimo!—Jakobo 4:8.
Ha re bala Bibele re tla atamela haufi le Modimo. Empa ka tsela efe? E re re etse mohlala, e le hore o tsebe mongodi wa buka e itseng, o lokela ho bala buka ya hae. Ka ho tshwanang, haeba re bala Bibele, re tla tseba Modimo e leng Mongodi wa yona, re be re tsebe tsela eo a nahanang a bileng a ikutlwang ka yona. Kannete Bibele ke buka e babatsehang! Hobane e re ruta ka:
Popo, makgabane ao Modimo a nang le ona le lebitso la hae.
Ditshepiso tsa Modimo.
Seo re lokelang ho se etsa e le hore re be metswalle ya Modimo.
Haeba o batla ho tseba dintlha tse eketsehileng, Dipaki Tsa Jehova di tla thabela ho o thusa. Di tla boela di thabele ho ithuta Bibele le wena mahala. Kahoo, o tla ba motswalle wa mongodi wa Bibele Jehova Modimo.
Makasine ena e hlahlobile ho se hokae bopaki ba hore Bibele ke Lentswe la Modimo. E le hore o fumane dintlha tse ding, sheba Kgaolo ya 2 ya buka ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsweng ke Dipaki tsa Jehova mme e fumaneha websaeteng ya www.jw.org/st
O ka boela wa shebella video e nang le sehlooho se reng: Mongoli wa Bibele ke Mang?
Sheba tlasa LINGOLILOENG > DIVIDEO
a Bibele e re lebitso la Modimo ke Jehova.—Pesalema ya 83:18.