-
Bibele e Reng ka Thobalano?O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
4. O ka qoba ho etsa ntho e fosahetseng
Keng e ka etsang hore ho be thata ho qoba bohlola? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ha ntate ya hlahang videong ee a hlokomela hore menahano le diketso tsa hae di ka etsa hore qetellong a se ke a tshepahalla molekane wa hae, o ile a etsang?
Ka dinako tse ding, le ho Bakreste ba tshepahalang ho thata ho nahana dintho tse lokileng. Ke jwang o ka qobang ho dula o nahana ka dintho tse fosahetseng? Bala Bafilipi 4:8 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Re lokela ho nahana ka dintho tse jwang?
Ho bala Bibele le ho phathahana ka mosebetsi wa Jehova ho ka re thusa jwang ho qoba teko ya ho etsa sebe?
-
-
Bua le Batho ba Bang ka Tsela e Tla Thabisa JehovaO ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
3. Keng e tla re thusa ho bua le batho ba bang ka tsela e kgothatsang?
Hangata dintho tseo re di buang di bontsha hantle se ka pelong kapa dintho tseo re di nahanang. (Luka 6:45) Ka hoo re lokela ho itlwaetsa ho nahana ka dintho tse ntle e leng dintho tse lokileng, tse hlwekileng, tse ratehang le tse lokelwang ke thoriso. (Bafilipi 4:8) E le hore re kgone ho etsa sena, re lokela ho kgetha ka hloko metswalle le dintho tseo re di mamelang le ho di shebella. (Liproverbia 13:20) Ntho e nngwe e ka re thusang ke ho nahana pele re bua. Nahana ka hore na mantswe a hao a tla ama batho ba bang jwang. Bibele e re: “Ho na le ya buang a sa nahane jwalo ka ha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke phodiso.”—Liproverbia 12:18.
-