LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ho Kolobetswa ke Qeto e Molemo eo o ka e Etsang
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 3. Motho o lokela ho etsang pele a kolobetswa?

      Pele o kolobetswa ho bohlokwa hore o ithute ka Jehova le hore o be le tumelo e matla ho yena. (Bala Baheberu 11:6.) Ha o ntse o tswela pele ho ithuta ka Jehova mme tumelo ya hao e ba matla, o tla mo rata le ho feta. Ha ho pelaelo hore o tla batla ho bolella batho ba bang ka yena le ho phela ka melao ya hae. (2 Timothea 4:2; 1 Johanne 5:3) Ha motho a ‘tsamaya ka mokgwa o tshwanelang Jehova e le hore a mo kgahlise ka botlalo,’ a ka batla ho nehela bophelo ba hae ho Modimo mme a kolobetswe.​—Bakolose 1:9, 10.a

  • Ho Kolobetswa ke Qeto e Molemo eo o ka e Etsang
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • a Haeba motho a ile a kolobetswa bodumeding bo bong, o tla lokela ho kolobetswa hape. Hobaneng? Hobane bodumedi boo bo ne bo sa rute nnete e ka Bibeleng.​—Sheba Liketso 19:1-5 le Kgaolo ya 13.

  • Na o se o Itokiseditse ho Kolobetswa?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 1. O tlameha o tsebe Bibele hakae pele o kolobetswa?

      E le hore o kolobetswe, o lokela ho ba le ‘tsebo e nepahetseng ya nnete.’ (1 Timothea 2:4) Sena ha se bolele hore pele o kolobetswa o lokela hore o tsebe karabo ya potso e nngwe le e nngwe eo batho ba ka o botsang yona ka Bibele. Le Bakreste ba seng ba na le nako e telele ba kolobeditswe ba tswela pele ho ithuta. (Bakolose 1:9, 10) Empa o lokela hore o utlwisise dithuto tsa motheo tsa Bibele. Baholo ba phutheho ba tla o thusa ho bona hore na o na le tsebo e lekaneng.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share