KGAOLO YA 19
Na Ehlile Dipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba Nnete?
Rona Dipaki Tsa Jehova re dumela hore re Bakreste ba nnete. Ebe ke hobaneng? Re dumela jwalo hobane re shebile dintho tseo re di dumelang, lebitso le re kgethollang le lerato leo re ratanang ka lona.
1. Dithuto tsa Dipaki Tsa Jehova di thehilwe hokae?
Jesu o ile a re: “Lentswe la [Modimo] ke nnete.” (Johanne 17:17) Jwalo ka Jesu, haesale Dipaki Tsa Jehova di theha dintho tseo di di dumelang Lentsweng la Modimo. A re ke re hlahlobe hore na re entse sena jwang ho tloha qalong. Dilemong tsa bo 1870 sehlopha sa diithuti tsa Bibele se ile sa qala ho ithuta Bibele ka ho teba. Batho bana ba ile ba theha ditumelo tsa bona dinthong tseo ba ithutileng tsona, esita le ha di ne di fapana le dintho tseo ba ithutileng tsona dikerekeng. Ka mora moo ba qala ho bolella batho dintho tseo ba ntseng ba ithuta tsona.a
2. Ke hobaneng ha re ipitsa Dipaki Tsa Jehova?
Jehova o bitsa barapedi ba hae Dipaki hobane ba phatlalatsa nnete ka yena. (Baheberu 11:4–12:1) Ka mohlala, mehleng ya kgale Modimo o ile a re ho setjhaba sa hae: “Le dipaki tsa ka.” (Bala Esaia 43:10.) Jesu o bitswa “Paki e Tshepahalang.” (Tšenolo 1:5) Ke ka hoo ka 1931 re ileng ra kgetha ho ipitsa Dipaki Tsa Jehova. Re motlotlo hore ebe re bitswa ka lebitso lena.
3. Dipaki Tsa Jehova di etsisa tsela eo Jesu a neng a rata batho ka yona jwang?
Jesu o ne a rata barutuwa ba hae haholo hoo a neng a ba bitsa lelapa labo. (Bala Mareka 3:35.) Ka tsela e tshwanang, Dipaki Tsa Jehova ke lelapa le momahaneng la lefatsheng lohle. Ke ka hoo re bitsanang bara le baradi ba bo rona. (Filemone 1, 2) Re boetse re mamela taelo ena e reng: “Le be le lerato bakeng sa mokgatlo wohle wa barababo rona.” (1 Petrose 2:17) Dipaki Tsa Jehova di bontsha lerato lena ka ditsela tse ngata. Ka mohlala, di a tshehetsana lefatsheng lohle ha di na le mathata.
ITHUTE DINTLHA TSE DING
Ithute haholwanyane ka pale ya Dipaki Tsa Jehova mme o bone bopaki bo eketsehileng ba hore ehlile re Bakreste ba nnete.
Bakreste ba nnete ba theha dintho tseo ba di dumelang Bibeleng, ebile ba buisana ka tsona le batho ba bang
4. Dintho tseo re di dumelang di thehilwe Bibeleng
Jehova o ile a bolela esale pele hore tsela eo re utlwisisang Bibele ka yona e tla hlaka haholwanyane. Bala Daniele 12:4 ebe le buisana ka potso ena:
Ke eng e tla ba “ngata” ha bahlanka ba Modimo ba ntse ba ithuta Bibele?
Bona hore na sehlopha sa diithuti tsa Bibele, seo hara sona ho neng ho e na le ntate Charles Russell, se ne se ithuta Bibele jwang. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Videong ee, ntate Charles Russell le ba bang ba ne ba ithuta Bibele jwang?
Na o ne o tseba?
Ka dinako tse ding re nnile ra ntlafatsa tse ding tsa dithuto tsa rona. Hobaneng? Feela jwalo ka ha butlebutle mahlasedi a letsatsi ha le tjhaba a re thusa hore re bone hantle, Modimo o nnile a re thusa hore re utlwisise Lentswe la hae hanyane ka hanyane. (Bala Liproverbia 4:18.) Ka hoo le hoja Bibele e sa fetohe, ha re e utlwisisa haholwanyane re ntlafatsa tsela eo re neng re e dumela ka yona.
5. Re phelela lebitso la rona
Ke hobaneng ha re ile ra kgetha ho ipitsa Dipaki Tsa Jehova? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ke hobaneng ha lebitso Dipaki Tsa Jehova le loketse?
Ke hobaneng ha Jehova a e na le batho bao a ba kgethileng hore e be Dipaki tsa hae? Ke hobane ba ne ba tla mo kgetholla e le yena Modimo wa nnete, ka ha ho nnile ha phatlalatswa mashano a mangata ka yena. A re ke re bue ka a mabedi a ona.
Madumedi a mang a ruta balatedi ba ona hore Modimo o batla ba sebedise ditshwantsho ha ba mo rapela. Le ha ho le jwalo, bala Levitike 26:1 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Nnete ke efe tabeng ee? Jehova o ikutlwa jwang ka ditshwantsho tse rapelwang?
Baetapele ba madumedi a mang ba ruta hore Jesu ke Modimo. Le ha ho le jwalo, bala Johanne 20:17 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Nnete ke efe tabeng ee? Na Modimo le Jesu ke motho a le mong?
Ho tseba hore Jehova o rometse Dipaki tsa hae hore di phatlalatse nnete ka yena le Mora wa hae, ho etsa hore o ikutlwe jwang?
6. Re a ratana
Bibele e bapisa Bakreste le dikarolo tse fapafapaneng tsa mmele wa motho. Bala 1 Bakorinthe 12:25, 26 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Bakreste ba nnete ba lokela ho etsang ha Bakreste ba bang ba utlwa bohloko?
O ithutileng ha o sheba tsela eo Dipaki Tsa Jehova di ratanang ka yona?
Ha Dipaki Tsa Jehova tsa naheng e itseng di ba le mathata, Dipaki tsa dinaheng tse ding di leka ho di thusa ka potlako. A re ke re bone mohlala o le mong. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso ena.
Tsela eo Dipaki Tsa Jehova di thusanang ka yona e paka jwang hore di a ratana?
Bakreste ba nnete ba thusa batho ba hlokang
BATHO BA BANG BA RE: “Dipaki Tsa Jehova ke bodumedi bo fihlang maobane mona.”
Jehova o ile a bitsa barapedi ba hae dipaki ho tloha neng?
KAKARETSO
Dipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba nnete. Re lelapa le momahaneng la lefatshe lohle la barapedi, re thehile dithuto tsa rona Bibeleng hape re phatlalatsa nnete ka Jehova.
Re Ithutileng?
Ke hobaneng ha re ile ra kgetha ho ipitsa Dipaki Tsa Jehova?
Re tshwara Bakrestemmoho le rona jwang?
Na o a dumela hore Dipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba nnete?
BATLA
Ithute haholwanyane ka pale ya rona.
Dipaki Tsa Jehova—Di Bontsha Tumelo e Matla, Karolo ya 1: Di Tswa Lefifing (1:00:53)
Bona mohlala wa ka moo Dipaki Tsa Jehova di nnileng tsa pepesa dithuto tsa bohata ka teng.
Fumana dikarabo tsa dipotso tseo e ka nnang yaba o ntse o ipotsa tsona ka Dipaki Tsa Jehova.
“Dipotso Tse Atisang ho Botswa ka Dipaki Tsa Jehova” (sehlooho se websaeteng)
Ntate Stephen o ne a hloile batho ba merabe e meng hoo a neng a ba hlasela. Fumana hore na o ile a bonang hara Dipaki Tsa Jehova e ileng ya mo susumelletsa hore a fetohe.
“Bophelo ba ka bo ne bo Ntse bo Mpefala” (Molula-Qhooa, July 1, 2015)
a Haesale makasine ya rona ya Tora ya ho Lebela e hatisa dithuto tsa Bibele ho tloha ka 1879.