-
Jehova ke Modimo ya Jwang?O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
3. Jehova o bontsha jwang hore o a re rata?
Hara makgabane a Jehova, lerato ke lona le ka sehloohong. Ha e le hantle, “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Jehova ha a ka a bonahatsa lerato la hae ka Bibeleng feela, empa re le bona le dinthong tseo a di bopileng. (Bala Liketso 14:17.) Ka mohlala, nahana ka tsela eo a re bopileng ka yona. O re file bokgoni ba ho bona mebala e metle, ho utlwa mmino o monate le ho latswa dijo tse monate. Jehova o batla hore re thabele bophelo.
-
-
Madumedi a Bohata a Sentse Modimo Lebitso Jwang?O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
2. Diketso tsa madumedi a bohata di senya Modimo lebitso jwang?
Madumedi a bohata ha a tshware batho ka tsela eo Jehova a ba tshwarang ka yona. Bibele e re ka bodumedi ba bohata: “Dibe tsa hae di kgobokellane ho ya fihla lehodimong.” (Tšenolo 18:5) Ka dilemo tse makgolo, haesale madumedi a kenella dipolotiking le dintweng hape a bolaya kapa a dumella ho bolawa ha batho ba bangata haholo. Baruti ba bang ba batla ho rua, ka hoo ba batla tjhelete ho balatedi ba bona. Diketso tsa bona di bontsha hantle hore ha ba tsebe Modimo ebile ha ba na le tokelo ya ho mo emela.—Bala 1 Johanne 4:8.
-