KGAOLO YA 28
Bontsha Hore o Ananela Seo Jehova le Jesu ba o Etseditseng Sona
O ikutlwa jwang ha motswalle wa hao a o fa mpho e ntle? O a thaba ebile o batla ho mo bontsha hore o ananela mpho eo. Jehova le Jesu ba re file mpho e kgolo ho feta tsohle tseo re kileng ra di fuwa. Mpho eo ke eng, hona re ka bontsha jwang hore re a e ananela?
1. Re ka bontsha jwang hore re ananela ntho eo Modimo le Kreste ba re etseditseng yona?
Bibele e tshepisa hore “e mong le e mong ya bontshang tumelo ho [Jesu]” o tla phela ka ho sa feleng. (Johanne 3:16) Ho bontsha tumelo ho bolelang? Ha ho bolele feela ho dumela ho Jesu. Diqeto le diketso tsa rona di lokela ho bontsha hore re na le tumelo. (Jakobo 2:17) Ha re bontsha tumelo ka diketso le ka dintho tseo re di buang, setswalle sa rona le Jesu le Ntate wa hae Jehova, se tla ba matla.—Bala Johanne 14:21.
2. Ke ketsahalo efe ya bohlokwa e re thusang ho ananela ntho eo Jehova le Jesu ba re etseditseng yona?
Mantsiboyeng a pele Jesu a shwa, o ile a bolella balatedi ba hae ntho e nngwe eo ba neng ba lokela ho e etsa ho bontsha hore ba ananela sehlabelo sa hae. O ile a tshwara mokete wa bohlokwa le bona oo Bibele e o bitsang “Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena,” hape o bitswa Sehopotso sa lefu la Kreste. (1 Bakorinthe 11:20) Jesu o ile a qala mokete oo hobane o ne a batla hore baapostola ba hae le Bakreste bohle ba nnete ba tla tla ka mora bona ba hopole hore o ba shwetse. Ha Jesu a bua ka mokete oo, o ile a fana ka taelo ena: “Le nne le etse sena ho nkgopola.” (Luka 22:19) Ha o ba teng Sehopotsong, o bontsha hore o ananela lerato le leholo leo Jehova le Jesu ba re ratang ka lona.
ITHUTE DINTLHA TSE DING
Ithute ditsela tse ding tseo o ka bontshang ka tsona hore o ananela lerato leo Jehova le Jesu ba o ratang ka lona. Ithute hore na ke hobaneng ha Sehopotso sa lefu la Kreste e le sa bohlokwa.
3. Re ka etsang ho bontsha kananelo?
A re nke hore motho e mong o ile a o pholosa ha o ne o kgangwa ke metsi. Na o ne o ka lebala seo motho eo a o etseditseng sona? Kapa na o ne o tla batla ditsela tsa ho mo bontsha hore o ananela ntho eo a o etseditseng yona?
Re na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng ka lebaka la seo Jehova a re etseditseng sona. Bala 1 Johanne 4:8-10 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Ke hobaneng ha sehlabelo sa Jesu e le mpho e kgethehileng?
O ikutlwa jwang ka ntho eo Jehova le Jesu ba o etseditseng yona?
Re ka bontsha jwang hore re ananela ntho eo Jehova le Jesu ba re etseditseng yona? Bala 2 Bakorinthe 5:15 le 1 Johanne 4:11; 5:3. Ka mora ho bala lengolo ka leng, buisanang ka potso ena:
Ho ya ka lengolo lee, re ka etsang ho bontsha kananelo?
4. Etsisa Jesu
Tsela e nngwe eo re ka bontshang kananelo ka yona ke ka ho etsisa Jesu. Bala 1 Petrose 2:21 ebe le buisana ka potso ena:
O ka latela mehato ya Jesu haufiufi ka ditsela dife?
Jesu o ne a rata Lentswe la Modimo, a ruta batho ka lona a bile a ba thusa
5. Eba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste
E le hore o bone hore na ho ile ha etsahalang ka lekgetlo la pele ha ho ne ho tshwarwa Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, bala Luka 22:14, 19, 20. Ka mora moo, le buisane ka dipotso tsena:
Ho ile ha etsahalang Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena?
Bohobe le veine di tshwantshetsa eng? (Sheba temana ya 19 le 20.)
Jesu o ne a batla hore barutuwa ba hae ba tshware Sehopotso hanngwe ka selemo ka letsatsi leo a ileng a shwa ka lona. Ka lebaka leo, selemo le selemo Dipaki Tsa Jehova di kopana ha mmoho ho ikgopotsa lefu la Kreste ho ya ka moo a laetseng ka teng. E le hore o ithute ka seboka sena sa bohlokwa, bapala VIDEO ena. Ka mora moo, le buisane ka potso e latelang.
Ho etsahalang Sehopotsong?
Jesu o ne a rata Lentswe la Modimo, a ruta batho ka lona a bile a ba thusa
BATHO BA BANG BA RE: “Ntho feela eo o lokelang ho e etsa hore o pholoswe ke ho dumela ho Jesu.”
O ka sebedisa lengolo la Johanne 3:16 le la Jakobo 2:17 jwang ho bontsha hore ho etsa seo ha ho a lekana?
KAKARETSO
Haeba re bontsha tumelo ho Jesu mme re ba teng Sehopotsong sa lefu la hae, re bontsha hore re ananela ntho eo a re etseditseng yona.
Re Ithutileng?
Ho bontsha tumelo ho Jesu ho bolelang?
O tla etsang ho bontsha hore o ananela ntho eo Jehova le Jesu ba o etseditseng yona?
Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hakaale ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste?
BATLA
Lefu la Kreste le re susumelletsa hore re etseng?
Ithute haholwanyane ka ho ba le tumelo le hore na o ka e bontsha jwang.
“Eba le Tumelo Ditshepisong Tsa Jehova” (Molula-Qhooa, October 2016)
Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Ke Ikutlwa ke Hlwekile, ke Ena le Bophelo ke Bile ke Kgotsofetse,” mme o bone ka moo mme e mong a ileng a fetola bophelo ba hae ka teng ka mora hore a utlwisise hore na sehlabelo sa Kreste ke sa bohlokwa hakae ho yena.
Ithute hore na ke hobaneng ha e le batho ba mmalwa feela ba jang bohobe le ho nwa veine Sehopotsong.