LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Bontsha Hore o Ananela Seo Jehova le Jesu ba o Etseditseng Sona
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 3. Re ka etsang ho bontsha kananelo?

      A re nke hore motho e mong o ile a o pholosa ha o ne o kgangwa ke metsi. Na o ne o ka lebala seo motho eo a o etseditseng sona? Kapa na o ne o tla batla ditsela tsa ho mo bontsha hore o ananela ntho eo a o etseditseng yona?

      Re na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng ka lebaka la seo Jehova a re etseditseng sona. Bala 1 Johanne 4:8-10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

      • Ke hobaneng ha sehlabelo sa Jesu e le mpho e kgethehileng?

      • O ikutlwa jwang ka ntho eo Jehova le Jesu ba o etseditseng yona?

      Re ka bontsha jwang hore re ananela ntho eo Jehova le Jesu ba re etseditseng yona? Bala 2 Bakorinthe 5:15 le 1 Johanne 4:11; 5:3. Ka mora ho bala lengolo ka leng, buisanang ka potso ena:

      • Ho ya ka lengolo lee, re ka etsang ho bontsha kananelo?

  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho Inehela o be o Kolobetswe?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 1. Keng e susumelletsang motho hore a inehele ho Modimo?

      Re inehela ho Jehova hobane re mo rata. (1 Johanne 4:10, 19) Bibele e re fa taelo e reng: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka kelello ya hao yohle le ka matla a hao ohle.” (Mareka 12:30) Re bontsha hore re rata Modimo ka dintho tseo re di buang le tseo re di etsang. Jwalo ka ha batho ba ratanang ba nyalana, le rona ha re rata Jehova re tla batla ho inehela ho yena mme re kolobetswe.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share